Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Ezekiele 19 - BIBELE


Kodi-ya-malla ya mahosana a Iseraele

1 “Llela mahosana a Iseraele,

2 o re: “ ‘Mmao e ne le tauhadi, tauhadi hara ditau! Selao sa hae se ne se le hara ditau, a hodisa madinyane a hae, a a hodisetsa hara ditawana.

3 Le leng la madinyane a hae a le hodisa, la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho.

4 Yaba ditjhaba di utlwela ka yona, tsa e tjheha, ya wela ka lemeneng la tsona, tsa e tlama ka mahlaahlela, tsa e isa naheng ya Egepeta.

5 “ ‘Ha tauhadi e bona hore e lebeletse lelea, tshepo ya yona e se e bile e fedile, ya nka le leng la madinyane a yona, ya le hodisa, la fetoha tawana.

6 Dinyane la feresa kahara ditau tse kgolo, la hola, la ba la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho.

7 Qhobosheane tsa bona ya di heletsa, metse ya bona le yona ya e ripitla. Baahi bohle ba naha eo ba tshoha, ba tshoswa ke tawana ha e puruma.

8 Yaba tjhaba di futuhela tawana, tsa e futuhela di etswa kahohle; tsa e tjhehela leraba e tle e tshwaswe, mme ya wela ka lemeneng la tsona.

9 Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.

10 “ ‘Mmao o ne a ka sefate, sefate sa morara, fate se lenngweng pela metsi a nwesetsang, sa beha haholo, makala a etsa makgasikgasi.

11 Makala a sona a nyanya hantle, a etsetsa babusi mare a puso; fate sa hola, sa lopalla hara makala, sa lopalla, sa ebesela makala.

12 Empa sa fotholwa ka kgalefo, sa fotholwa, sa dihelwa fatshe; moya wa botjhabela wa omeletsa tholwana tsa sona, makala a sona a nyantseng a ba a robeha, a omella, mollo wa a tjhesa, wa a fedisa.

13 Kajeno fate sena se lenngwe hara lehwatata, mobung o omeletseng, sebataolong.

14 Kutung ya sefate ho ile ha qhoma mollo, wa tjhesa makala, wa tjhesa le tholwana tsa sona; kahoo makala a nyantseng ha se na wona, ha se na le le ka etsang lere la puso.’ “Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan