Ezekiele 17 - BIBELEPapiso ya dintsu le morara 1 Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 2 “Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso. 3 O re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo, a malelele, a thathaletseng, a masiba a mangata, a mebalabala, ya fihla naheng ya Lebanone, ya dula kaleng la kedare, kaleng le hodimodimo. 4 Ya qotha lehlahla le le hodimodimo, ya ya le lona naheng ya bahwebi, ya le hloma kahara motse wa bahwebi. 5 “ ‘Ntsu ya nka le peo ya naha eo, ya ya e jala mobung wa selokwe, ya e uta pela metsi a nwesetsang, ya e hloma sa lekala la moduwane. 6 Peo ya mela, ya eba fate sa morara, morara wa kakatjhelana, o thathaletseng; makala a wona a melela hodimo, ho ntsu, metso ya wona ya melela tlase, ya eba morara, makala a mela, a thathalla, a medisa le mahaba. 7 “ ‘Ho no ena le ntsu e nngwe hape e kgolo, e mapheo a maholo, a masiba a mangata; morara wa lebisa metso ya wona ho ntsu eo, le makala a wona a lebiswa ho yona, hore e o nwesetse ka metsi a mangata ho feta kamoo o nwesetswang kateng. 8 Morara o no so hlonngwe mobung wa selokwe, o hlonngwe pela metsi, metsi a nwesetsang, hore o tlo medise makala a wona, o a medise, a behe le ditholwana, e be morara wa bohlokwa, o motlemotle.’ 9 “Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Morara o jwalo na o ka atleha? Ha o tlo fotholwa ka metso, tholwana tsa wona di hlohlorwe, di omelle? Mahaba a wona wohle a tla omella! Ho o fothola ka metso ho tla ba bobebe, ha ho hloke matla kapa letshwele la batho. 10 Ha o hlongwa sethopo na o tla atleha? Ha o tlo omella, e be lehohorwana, ha moya wa botjhabela o fokela ho wona? O tla omellela moo o lemilweng teng.’ ” Papiso e a hlaloswa 11 Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re: 12 “Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: ‘Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona. 13 E nkile kgosana e nngwe ya madi, ya etsa selekane le yona, ya ba ya e hlapantsha. E nkile le bahlabani ba naha eo, 14 hore mmuso oo o tlo fokole, o sitwe ho e tsohela matla, o tsitse ka ho boloka selekane se ntse se le jwalo. 15 Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha? 16 “ ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo; ruri o tla shwela Babilona, e leng moo kgosi e ileng ya mmea hore e be kgosi e phelang teng, yona kgosi eo a nyedisitseng kano eo a ileng a e etsa le yona, a senya le selekane sa kgosi eo. 17 Esita le Faro, ka lebotho la hae le matla, le ka setjhaba sa hae se sengata, ha a ka ke a mo thusa ka letho ntweng, ha setjhaba sa Babilona se haha marako a thibella le diqhobosheane hore se tle se bolaye batho ba bangata. 18 O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha. 19 “ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, ruri ke tla mo otlela kano ya ka eo a e nyedisitseng, le selekane sa ka seo a se sentseng. 20 Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela. 21 Baphaphathehi ba hae bohle le mabotho a hae wohle, batho bana kaofela ba tla bolawa ka sabole, masalla a bona a qhalanyetswe hohle lefatsheng, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya buileng jwalo.’ ” Modimo o etsa tshepiso 22 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Le nna ke tla kgaola kala le hodimodimo, le hodimodimo la fate sa kedare, ke le hlome, ke qothe lehlahla kaleng le hodimodimo, ke le hlome hodima thaba e telele. 23 Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona. 24 Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa