Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Ezekiele 15 - BIBELE


Papiso ya sefate sa morara

1 Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho, fate sa morara se feta fate tse ding kang? Kala la wona le feta la fate tsa moru jwang?

3 Na ebe lehong la sefate sa morara le ka sebediswa ho etsa ntho ya bohlokwa? Na ebe ka lona ho ka etswa semapo, hodima sona yaba phahlo di a fanyehwa?

4 Ha le akgelwa mollong, le beswa, ntlha tsa lona tse pedi di etjha, bohare ba lona bo sala e le mashala, na ho ka etswa ntho ya bohlokwa ka lona?

5 Leha le ne le ntse le sa feletse, ntho ya bohlokwa e ne ke ke ya etswa ka lona; jwale ha le se le tjhesitswe ke mollo, le tjhele, le setse e le mashala, na ho ka etswa ntho ya bohlokwa ka lona?

6 “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Fate sa morara hara difate tsa moru, mosebetsi wa sona ke ho besa mollo; le baahi ba Jerusalema ba tla ba jwalo!

7 Ke tla ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantshe; ba tla phonyoha mollong wa pele, wa bobedi wona o ba tjhese, o ba timetse; kahoo le tla tseba hoba ke nna Morena, ha ke ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantsha.

8 Naha ke tla e fetola, e be nanaola, hobane ba ile ba ntlhokela botshepehi, Morena Modimo o bua jwalo.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan