Eksoda 6 - BIBELE1 Yaba Modimo o re ho Moshe: “Jwale o tla bona seo ke tla se etsa ho Faro. Ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a lokolle setjhaba sa ka; ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a se leleke.” Modimo o bitsa Moshe hape 2 Modimo a bua ho Moshe, a re: “Ke nna Morena. 3 Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena. 4 Hape ke ile ka etsa selekane sa ka le bona, e leng sa ho ba nea naha ya Kanana; naha ya bojaki ba bona, eo ba neng ba jakile ho yona. 5 Hape ke bile ke utlwile le sello sa bana ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makgoba a bona, mme ke hopotse selekane sa ka. 6 “Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima. 7 Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta. 8 Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ” 9 Moshe a bua tjena ho bana ba Iseraele, empa ha ba a ka ba mo mamela, ka baka la ho nyahama dipelo, le ka baka la bokgoba bo thata. 10 Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: 11 “Tsamaya, o yo bua le Faro, kgosi ya Egepeta, o re a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.” 12 Empa Moshe a re ho Morena: “Bona, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mmamela; jwale Faro yena a ka mmamela jwang, nna eo molomo wa ka o se nang bokgeleke ba puo?” 13 Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a ba nea taelo e amang bana ba Iseraele, le e amang Faro, kgosi ya Egepeta, hore a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta. Leloko la Moshe le la Arone 14 Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Iseraele. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Ana ke wona malapa a Rubene. 15 Bara ba Simeone ke Jemuele, le Jamine, le Ohade, le Jakine, le Sohara, le Shaule, mora wa mosadi wa Mokanana. Ana ke wona malapa a Simeone. 16 Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. 17 Bara ba Gereshone ke Lebeni, le Shimei, ka ho ya ka malapa abo bona. 18 Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Kohate o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro. 19 Bara ba Merari ke Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a Balevi ka ho hlahlamana ha wona. 20 Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. 21 Bara ba Isihare ke Kora, le Nefege, le Sikeri. 22 Bara ba Usiele ke Mishaele, le Elesafane, le Siteri. 23 Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare. 24 Bara ba Kora ke Asire, le Elekana, le Abiasafe. Ana ke wona malapa a morabe wa Bakora. 25 Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona. 26 Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.” 27 Ke bona bo-Arone le Moshe ba neng ba bue le Faro, kgosi ya Egepeta, ba re a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya Egepeta. Taelo ya Morena ho Moshe le ho Arone 28 Ka letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho Moshe, ha a le naheng ya Egepeta, 29 Morena o ne a re ho Moshe: “Ke nna Morena! Bolella Faro, kgosi ya Egepeta, tsohle tseo ke tla di bua ho wena.” 30 Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, ha ke na bokgeleke ba puo; jwale Faro a ka mmamela jwang?” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa