Eksoda 21 - BIBELETshebediso ya makgoba ( Dipo. 15:12-18 ) 1 “Ena ke melao eo o tla e bea kapele ho Baiseraele: 2 “Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho. 3 Haeba le ile la tla ho wena le le inotshi, le tla tloha le le inotshi; athe haeba le tlile le mosadi, mosadi eo wa lona o tla tsamaya le lona. 4 Haeba monga lona a le nyadisitse, mme mosadi eo a le tswalla bara kapa baradi, mosadi eo le bana bao e tla ba ba monga lona, mme lona le tla itsamaela le le inotshi. 5 “Empa haeba lekgoba le bolela, le re: ‘Ke rata monga ka, le mosadi wa ka, le bana ba ka, mme ha ke rate ho lokoloha,’ 6 monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa. 7 “Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna. 8 Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse. 9 Ha a le nyadisa mora wa hae o tla le etsetsa moetlo o etsetswang barwetsana. 10 Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo. 11 Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.” Polao ya motho 12 “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa. 13 Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng. 14 Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa. 15 “Ya otlang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. 16 “Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa. 17 “Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.” Melao ho ba kgantshang dikgoka 18 “Ha banna ba phehisana kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe kapa ka setebele, eba eo ha a shwe, o robala diphateng tsa hae feela; 19 haeba a ka tsoha, mme a tsamaya kantle, a ikokotlela ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fumanwa a le molato, feela o tla lefella nako eo a e dutseng a sa etse letho, a be a mo oke ho fihlela a fola. 20 “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa. 21 Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae. 22 “Haeba banna ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, eba mosadi eo o a senyehelwa, feela a sa tswe kotsi, ba mo thutseng ba tla lefiswa ke baahlodi ho ya kamoo monna wa mosadi eo a ka bolelang kateng. 23 Empa haeba ho hlaha kotsi, ho tla lefeletswa bophelo ka bophelo; 24 leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto; 25 ho tjheswa ka ho tjheswa, leqeba ka leqeba, moupa ka moupa. 26 “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona. 27 Haeba motho a kgorola leino la lekgoba la hae la monna, kapa leino la lekgoba la hae la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo, e le tefo bakeng sa leino la lona.” Melao ya boikarabelo ba beng ba dintho 28 “Haeba pholo e hlaba monna kapa mosadi, mme eba o a shwa, ruri pholo eo e tla tlepetswa ka majwe; nama ya yona e ke ke ya jewa, mme monga yona ha a na molato. 29 Empa ha pholo eo e tlwaetse ho hlaba batho, mme monga yona a se a nnile a hlokomediswa, feela a sa e dise, jwale e hlaba monna kapa mosadi, e mmolaya, pholo eo e tla tlepetswa ka majwe, mme le monga yona o tla bolawa. 30 Haeba a lefiswa ho pholosa bophelo ba hae, a lefe tjhelete yohle eo ho thweng a e lefe. 31 Haeba pholo ena e hlaba moshanyana, kapa e hlaba ngwanana, ho tla latelwa kahlolo ena. 32 Haeba pholo ena e hlaba lekgoba la monna kapa e hlaba lekgoba la mosadi, monga yona o tla lefa monga lekgoba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano, mme pholo yona e tlepetswe ka majwe. 33 “Ha motho a kwaholla sekoti, kapa ha motho a tjheka sekoti, mme a sa se kwahele, eba kgomo kapa tonki e wela ka ho sona, 34 monga sekoti sena o tla lefa. O tla lefa monga phoofolo eo ka tjhelete, mme phoofolo e shweleng e be ya hae. 35 “Haeba pholo ya motho e mong e hlaba pholo ya e mong osele, mme pholo eo e eshwa, ba tla rekisa pholo e phelang, ba arolelane tjhelete ya yona, mme e shweleng ba e kgekgethe. 36 Kapa haeba ho tsejwa hore pholo eo e tlwaetse ho hlaba tse ding, mme monga yona a sa ka a e disa, o tla lefa pholo e shweleng ka pholo e phelang, mme pholo e shweleng e be ya hae.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa