Eksoda 19 - BIBELEBaiseraele thabeng ya Sinai 1 Ka kgwedi ya boraro bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ka lona letsatsi leo ba fihla lehwatateng la Sinai. 2 Ha ba tloha Refidime ba fihla lehwatateng la Sinai, mme ba hloma moo lehwatateng. Baiseraele ba hloma kapele ho thaba. 3 Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re: 4 ‘Le bone tseo ke di entseng Egepeta, le kamoo ke ileng ka le pepa kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna. 5 Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka. 6 Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.” 7 Moshe a theoha, a bitsa baholo ba setjhaba, a ba bolella mantswe ana wohle ao Morena a mo laetseng wona. 8 Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng. 9 Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng. 10 Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona. 11 Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona. 12 O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa. 13 Ho se be motho ya mo amang ka letsoho: a tlepetswe ka majwe, kapa a hlajwe ka metsu, a shwe; leha e ka ba motho, kapa phoofolo, a se ke a phela. E tle ere ha ho letswa lenaka batho ba nyolohele thabeng.’ ” 14 Yaba Moshe o theohela ho batho a etswa thabeng, a hlwekisa setjhaba, 15 mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.” 16 Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela. 17 Yaba Moshe o se ntsha diahelong ho kgahlanyetsa Modimo; sa emisa tlasa thaba. 18 Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo. 19 Ha modumo wa lenaka o eketseha, o utlwahala haholo, Moshe a bua, mme Modimo a mo arabela ka lentswe le kang letolo. 20 Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha. 21 Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata. 22 Baprista bohle ba tla atamela pela Morena ba ke ba itlhwekise, esere a ba otla.” 23 Moshe a re ho Morena: “Batho ba sitwa ho tla pela thaba ya Sinai, hobane o ile wa re laya, wa re: ‘Etsetsang thaba meedi, mme le e halaletse.’ ” 24 Yaba Morena o re ho yena: “Tsamaya, o theohe, o nyolohe hape, o ena le Arone, mme baprista le setjhaba ba se ke ba phunyeletsa ho tla ho Morena, esere kgalefo ya hae ya ba tlokela.” 25 Yaba Moshe o theohela ho setjhaba, o a se bolella. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa