Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Eksoda 17 - BIBELE


Metsi a tswang lefikeng
( Dipa. 20:1-13 )

1 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.

2 Yaba setjhaba se ipelaetsa ho Moshe, se re: “Re fe metsi, re nwe!” Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le ipelaetsa? Le lekelang Morena?”

3 Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”

4 Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Setjhaba see ke tla se etsa jwang? Ho se ho se hokae se ntlepetsa ka majwe!”

5 Yaba Morena o re ho Moshe: “Nka ba bang ba baholo ba setjhaba sa Iseraele, o ye kapele ho sona; ka letsohong la hao o nke molamu wa hao, oo o neng o otle metsi a noka ka wona, o tsamaye.

6 Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona.

7 Sebaka seo sa rewa lebitso la Masa le Meriba , ka baka la ho ipelaetsa ha bana ba Iseraele, le ka baka la hobane ba ne ba leka Morena, ha ba re: “Na Morena o teng hara rona, kapa tjhe?”


Ntwa le Baamaleke

8 Baamaleke ba fihla, ba lwantsha bana ba Iseraele mane Refidime.

9 Moshe a re ho Joshua: “Re kgethele banna, o tsamaye, o yo lwantsha Baamaleke. Hosasane nna ke tla ema hodima tlhoro ya leralla, ke tshwere molamu wa Modimo ka letsohong la ka.”

10 Joshua a etsa jwalokaha Moshe a mo laetse, a ya lwantsha Baamaleke; Moshe, le Arone, le Hure ba hlwella hodima tlhoro ya leralla.

11 Ha Moshe a ntse a phahamisitse matsoho a hae, Baiseraele ba ne ba hlola, empa ha a phomotsa matsoho a hae, Baamaleke ba ne ba hlola.

12 Jwale matsoho a Moshe a kgathala. Ba nka lejwe, ba le bea katlasa Moshe, mme a dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane; jwale matsoho a hae a tiya ho fihlela letsatsi le dikela.

13 Joshua a hlola Baamaleke, a ba bolaya ka sabole.

14 Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”

15 Moshe a haha aletare, a e rea lebitso la “Morena ke mokgele wa ka”;

16 yaba o re: “Phahamisang mokgele wa Morena. Morena o tla nne a lwantshe Baamaleke kamehla yohle.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan