Eksoda 11 - BIBELEHo bolelwa lefu la bana ba matsibolo 1 Jwale Morena a re ho Moshe: “Ke sa tla tlisa sewa se seng hape hodima Faro le hodima Egepeta; kamorao ho moo o tla le lokolla, le tsamaye. Ha a le lokolla, o tla hle a le leleke ho hang. 2 Jwale bua moo batho ba utlwang, hore monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahelaneng le yena dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta.” 3 Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe Baiseraele. Le yena Moshe ya eba motho e moholo naheng ya Egepeta, le mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba. 4 Moshe a re ho Faro: “Morena o re: ka seroko, ke tla tsamaya hara Egepeta yohle. 5 Matsibolo wohle a naheng ya Egepeta a tla shwa; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le kgumameng kamora lelwala, le matsibolo wohle a diphoofolo. 6 Ho tla ba le sello sa phohomela naheng yohle ya Egepeta, seo ho esong ho be se kang sona, mme se ke keng sa hlola se eba teng. 7 Empa hara bana ba Iseraele bohle, ha ho le ntja e tla ke e rorele motho kapa phoofolo, e le hore le tle le tsebe hore Morena o kgetholla Baegepeta ho Baiseraele. 8 Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma. 9 Jwale Morena a re ho Moshe: “Faro ha a ka ke a o mamela, e le hore mehlolo ya ka e tle e ate naheng ya Egepeta.” 10 Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle moo Faro a bonang, empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, a se ke a lokolla bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa