Diproverbia 8 - BIBELEBohlale bo a roriswa 1 Na ebe bohlale ha bo howe? Kutlwisiso yona ha e phahamise ntswe la yona? 2 Bo eme tseleng tse phahameng, bo eme mateanong a ditsela. 3 Bo howeletsa bo le kgorong tsa motse, bo howeletsa bo le monyako wa motse: 4 “Banna, mamelang, ke bitsa lona, ke ipiletsa ho batho bohle. 5 Lona ba se nang tsebo ithuteng bohlale! Lona dithoto batlang kutlwisiso! 6 Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng. 7 Ke tla bua nnete feela, hobane bokgopo ke bo hloile. 8 Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete, thetso le bomenemene ha di yo ho tsona, 9 di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo. 10 Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta. 11 “Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona. 12 Nna, Bohlale, ke fana le ka masene, tsebo le tlhalohanyo le tsona ke di ruile. 13 Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile. 14 Boeletsi le ho ba sedi le tsona ke tsa ka, kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka. 15 Ke ka nna kgosi di tsebang ho rena, le babusi ba etsang melao e lokileng. 16 Ke ka nna mahosi le mahosana a tsebang ho busa, le baahlodi bohle ba tsebang ho ahlola. 17 Ba nthatang le nna ke a ba rata, ba mpatlang bona ba tla mphumana. 18 Ho nna maruo le tlotla di teng, maruo a sa feleng le hona ho loka. 19 Tholwana ya ka e kgahleha ho feta kgauta, e feta kgauta e hlwekisitsweng, tse fumanwang ho nna di feta silefera e hlwekisitsweng. 20 Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao. 21 Ba nthatang ke ba abela lefa, matlole a bona ke a tlatse, a be mohlohlo. 22 “Morena o mpopile qalehong ya mesebetsi ya hae, pele ho mesebetsi ya hae, mesebetsi ya kgalekgale; 23 ke hlodilwe kgale, pele ho mehla yohle, ke hlodilwe tshimolohong, fatshe le eso be teng. 24 Ka tswalwa pele mawatle a eba teng, didiba tse kollang di eso ka di runya; 25 ka tswalwa thaba di eso ka di thewa, ka tswalwa le maralla a eso be teng, 26 pele fatshe le eba teng le masimo a lona, pele role la lefatshe le lona le eba teng. 27 Ke ne ke le teng ha a bea mahodimo bakeng sa wona, a seha moedi wa loapi, a o seha hodima mawatle; 28 ha a etsa lenamola la maru, a le etsa sepakapakeng, a phunya mehlodi ya madiba a e tsitsisa; 29 ha a sehela lewatle moedi wa lona, metsi a se ke a tlola taelo ya hae; le ha a rala metheo ya lefatshe. 30 Ke ne ke le tsoho la hae le letona, ka matsatsi wohle ke mo thabisa, ke nyakaletse ke le kapele ho yena; 31 ke thabetse lefatshe e le la hae, ke thabetse le batho a ba bopile. 32 “Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka. 33 Mamelang thuto ya ka le tle le hlalefe, le se ke la hana ho e mamela. 34 Ho lehlohonolo motho ya mmamelang, ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka. 35 Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela. 36 Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa