Diproverbia 4 - BIBELEMelemo ya bohlale 1 Bana, mamelang thuto, thuto ya ntata lona, le e ele hloko, e tle le ruise kutlwisiso. 2 Ke le nea thuto ya sebele, se e furalleng ke hona. 3 Ha ke ne ke le ngwana ya ratwang ke ntatae, ngwana ya mong feela, sebokotswa-ke-mmae, 4 ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele. 5 Iphumanele bohlale, iphumanele kutlwisiso, se lebale polelo tsa ka, o se di kgelohe; 6 se furalle bohlale, bo tla o sireletsa; bo rate, bo tle bo o lebele. 7 Bo kahodimo ho tsohle, iphumanele bona, ka tsohle tseo o nang le tsona, o bo reke, o iphumanele kutlwisiso. 8 Bo thoholetse, bo tla o phahamisa; ha o bo kgomarela bo tla o tlotla. 9 Bo tla kgabisa hlooho ya hao, bo e kgabise ka moqhaka o bohehang, bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.” 10 Mora wa ka, mamela, o amohele polelo tsa ka, lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate. 11 Ke o rutile tsela tsa bohlale, ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng. 12 Ha o tsamaya o ke ke wa sitiswa ke letho, ha o matha o ke ke wa kgoptjwa. 13 Tshwara thuto ena, o e mamarele, o e dise ka thata, ke yona bophelo ba hao. 14 Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo, se tsamaye tseleng ya baetsadibe. 15 E kgese, o be o e kwekwetle; e kgelohe, o ikele ka tsela ya hao. 16 Ha ba sa etse bokgopo ha ba robale, ba fadimehiswa ke takatso ya ho bolaya. 17 Ba ja bohobe ba bokgopo, ba nwe veine ya meferefere. 18 Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare. 19 Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang. 20 Mora wa ka, mamela mantswe ana a ka, o sekehele polelo tsa ka tsebe. 21 Polelo tsa ka o se di lebale, o di boloke ka pelong ya hao; 22 ke bophelo ho ba di amohelang, di phedisa mmele ya bona hamonate. 23 Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo. 24 Se bue leshano ka molomo wa hao, puo tse thetsang di se tswe ka hanong la hao. 25 Mahlo a hao a tadime kapele ho wena, dintshi tsa hao di se ke tsa panya. 26 Qamaka ka hloko moo o hatang teng, tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse. 27 Se kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, mehato ya hao e o phemise bokgopo. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa