Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Diproverbia 31 - BIBELE


Keletso ho dikgosi

1 Tsena ke dipolelo tsa Lemuele, kgosi ya Masa, tseo a neng a di rutwe ke mmae:

2 “Oho, ngwanaka! Oho, ngwana popelo ya ka! Wena eo ke mo filweng ho arabela thapelo tsa ka,

3 se qete matla a bonna ba hao ka basadi, se tjhediete le basadi ba timeditseng dikgosi.

4 “Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana,

5 esere ha di nwele, molao tsa o lebala, bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.

6 Ba kgatheng la ho shwa ba nweseng jwala, ba sithabetseng dipelo le ba nwese veine.

7 Ba tloheleng ba nwe, ba lebale bofuma ba bona, mahlomola a bona ba se hlole ba a hopola.

8 “Eba molomo wa ba sa tsebeng ho ipuella, o tseke tokelo tsa bohle ba saretsweng.

9 Ba buelle, o ba ahlolele ka toka, o emele nyewe tsa bafumanehi le wona mafutsana.”


Mosadi ya kgabane

10 Mosadi ya kgabane a ka fumanwa ke mang? Bohlokwa ba hae bo feta le mabenyane a bohlokwa!

11 Monna hae o mo tshepa a sa kganane, mme bofutsana a ke ke be a bo tseba.

12 Ke matsatsi wohle a ho phela ha hae, o etsetsa monna tse molemo e seng tse mpe.

13 O batla boya, a batle motsitla, a sebetse ka matsoho a hae ka mafolofolo.

14 O tshwana le dikepe tsa bo-rakgwebo, dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.

15 O tsoha bosiu e sa le ka matjeke, a fepe bohle ba lelapa la hae, makgabunyane a hae a a abele mosebetsi.

16 Ha a kgahlwa ke tshimo eba o a e reka, a e leme morara ka tse sebeditsweng ke matsoho a hae.

17 Theka la hae o le tlama hathata, a matlafatse le matsoho a hae.

18 O lemoha hore kgwebo ya hae e a mo atla, bosiu bo sa bone la hae le sa tingwe.

19 Toloki o e tshwara ka letsoho la hae, tshwele a e tshware ka monwana ha a e ohla.

20 Bafumanehi o ba fepa a sa kganane, bahloki le bona a ba atswe ka tsoho le batsi.

21 Ha lehlwa le kgetheha letswalo ha a na lona, bohle ba lapa la hae ba apesitswe tse mofuthu;

22 kallane tsa moalo o itohela tsona, aparo tsa hae ke tsa lene e ntle, e perese.

23 Monna hae o hlompheha le kgorong tsa motse, ha a dutse teng le baholo ba naha.

24 O roka diaparo tsa lene e ntle a di rekise, le wona maqhama bahwebi ba a reka ho yena.

25 Matla le seriti ke tsona aparo tsa hae, taba tsa kamoso tsona o a di teola!

26 Ha a etswa molomo o bua ka kelello, thuto tsa mosa di tswe lemeng la hae.

27 O sedi tabeng tsa lelapa la hae, hase mokotla o mahlo, mohlohlwa-o-rapame.

28 Bana ba hae ba ema ba re o hlohonolo, le monna hae a rialo, a ba a mmabatse, a re:

29 “Basadi ba bangata ke basadi ba kgabane, empa wena kaofela o a ba feta!”

30 Leredi ke thetsane, botle ke lefeelafeelane; mosadi ya tshabang Modimo ke yena ya tla roriswa.

31 Mo nee moputso wa matsoho a hae, mosebetsi wa hae o mo rorise kgorong tsa motse.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan