Diproverbia 30 - BIBELEDipolelo tsa Akure 1 Tsena ke dipolelo tsa Akure, mora wa Jake, wa Masa. Monna eo a bua, a re: “Oho, Modimo ke kgathetse! Oho, Modimo ke kgathetse! Ke feletswe ke matla! 2 Nna ke sethoto ho feta mang kapa mang; ha ke na le kutlwisiso ya botho. 3 Ha ke a ka ka ithuta bohlale, ebile ha ke tsebe Ya Halalelang. 4 Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela! 5 “Polelo tsohle tsa Modimo ke tsa nnete. Ke thebe ho bohle ba mo tshepang. 6 Se eketse letho polelong tsa hae, esere a o kgalema, wa fumanwa o le leshano.” Maele a mang a Akure 7 “Ke kopile ntho di le pedi ho wena, o se nkganele ka tsona pele ke eshwa: 8 Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng; 9 esere ha ke kgotshe yaba ke a o latola, ke re: ‘Morena ke mang?’ Kapa ka futsaneha, yaba ke a utswa, mme ka tlaela ka lebitso la Modimo wa ka. 10 “O se ke wa nyedisa mohlanka ho monga hae, esere a o rohaka, wa fumanwa o le molato. 11 “Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona. 12 Moloko o teng o ithetsang ka ho re o hlwekile, empa o sa hlwekiswa ditshila tsa wona. 13 Moloko o teng o ikgohomosang, o shebang batho ka ho ba nyedisa. 14 Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba. 15 “Koidi e na le madinyane a le mabedi, a kopang a re: ‘Re fepe! Re fepe!’ “Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng, e, di nne tse sa ke be di re: ‘Ho lekane!’ 16 Ke lebitla le mosadi wa nyopa, le mobu o omeletseng, le mollo o sa ke be o re: ‘Ho lekane!’ 17 “Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je. 18 “Ntho di tharo tse mmakatsang haholo, e, di nne tseo ke sa di tsebeng: 19 Mohlala wa ntsu sepakapakeng, mohlala wa noha hodima lefika, mohlala wa sekepe hara lewatle, mohlala wa monna ho morwetsana. 20 “Mokgwa wa mosadi wa sefebe, ke mokgwa o tjena: O a ja, ebe o a itlhakola, o re: ‘Nna ha ke a etsa letho le kgopo.’ 21 “Ntho di tharo tse reketlisang lefatshe, di nne tseo le ke keng la di mamella: 22 Ke lekgoba leo ebang kgosi, le sethoto se nyonyobetseng, 23 le moshejwahang ha a nyalwa, le lekgabunyane le jang lefa la monga lona. 24 “Ntho di nne tse nyenyane lefatsheng, empa tse bohlale bo makatsang: 25 Bohlwa ke tjhaba se hlokang matla, empa bo bokella dijo tsa bona hlabula. 26 Dipela ke tjhaba se fokolang, empa di etsa qhobo tsa tsona mafikeng. 27 Ditsie tsona ha di na kgosi, empa ha di falla di fofa ka mekgahlelo. 28 Mokgodutswane o ka o tshwara ka letsoho, empa o fumanwa ka matlung a dikgosi. 29 “Ntho di tharo tse bohehang ha di tsamaya, e, di nne tse natlailang: 30 Ke tau, batana se matla ho feta tsohle, eo ho seng letho leo e ka le balehang; 31 ke mokoko o qholoshang hara dithole, hape ke phooko, ke kgosi e futuhang ka mabotho a yona. 32 “Haeba o bile sethoto, wa ikgantsha, kapa wa nahana merero e mebe, bea letsoho molomong o kgutse, 33 hoba lebese ha le fehlwa le etsa sereledi, le nko ha e otlwa e tswa mokola, kahoo kgalefo e fehla meferefere.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa