Diproverbia 29 - BIBELE1 Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo. 2 Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla, 3 Ya ratang bohlale o thabisa ntatae, ya mathang le diotswa o hafaka leruo la hae. 4 Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha. 5 Motho ya phoqang mohahabo o itjhehela leraba ka boyena. 6 Sebe sa ya kgopo ke lemena ho yena, empa ya lokileng o bina a nyakaletse. 7 Ya lokileng o hlokomela tokelo tsa bafumanehi, empa ya kgopo yena ha a di natse ka letho. 8 Basomi ba fehla moferefere, ba o fehla kahara motse, empa ba bohlale ba kokobetsa kgalefo. 9 Ha motho ya bohlale a qosana le ya sethoto, leha ya sethoto a ka halefa, kapa a tsheha, kgotso e ke ke ya eba teng. 10 Ba nyoretsweng madi ba hloile ba lokileng, empa ba lokileng ba boulela bophelo ba hae. 11 Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa. 12 Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo. 13 Mofumanehi le mohatelli ba tshwana ka sena: Morena o tutubolla mahlo, mahlo a bona bobedi. 14 Kgosi e ahlolelang bafumanehi, e ba ahlolelang ka toka, terone ya yona e tla tsitsa kamehla yohle. 15 Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong. 16 Ha ba kgopo ba anafala, bokgopo bo a eketseha; empa ba lokileng ba tla bona ha ba timela. 17 Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle. 18 Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao. 19 Lekgoba le ke ke la kgalengwa ka ho buiswa feela, le hoja le utlwisisa, le ke ke la phetha taelo. 20 Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena. 21 Ya bokotsang kgoba la hae ha a le hodisa, le tla qetella le mo hlokela teboho. 22 Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo. 23 Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho. 24 Motswalle wa leshodu o itlhoile, o utlwa thohako, empa ha a e natse, 25 Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha. 26 Ba bangata ba batla ho ratwa ke mmusi, empa motho o fumana toka ho Morena feela. 27 Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang, ba sa lokang ba nyonya ba lokileng. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa