Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Diproverbia 28 - BIBELE

1 Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.

2 Tjhaba ha se le kgopo se hlahlamanya babusi, empa toka e hlaha ka ya nang le bohlale le tsebo.

3 Mofumanehi ya hatellang bafumanehi o ka sekgohola se senyang dijalo.

4 Ba tlolang molao ba thoholetsa ba kgopo, empa ba o bolokang ba hanyetsana le ba kgopo.

5 Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle.

6 Ho molemo ho ba mofutsana ya phelang ka botshepehi, ho ena le ho ba morui ya phelang ka bolotsana.

7 Ya bolokang molao ke mora ya bohlale, ya tlwaetseng menyollo o hlabisa ntatae dihlong.

8 Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.

9 Ya ithibang ditsebe hore a se utlwe molao, thapelo tsa hae le tsona ke manyala.

10 Ya kgelosang ba lokileng hore ba ye tseleng tse kgopo, o tla wela lemeneng le tjhekilweng ke yena; ba se nang molato ba tla ja lefa la tse molemo.

11 Morui o ithetsa ka ho re o bohlale, mofutsana ya sedi o lemoha boithetso boo ba hae.

12 Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.

13 Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.

14 Ho lehlohonolo motho ya tshabang Morena kamehla, empa ya ithatafatsang pelo o tla wela tsietsing.

15 Jwalokaha tau e puruma le bere e kgobolaka, mmusi ya kgopo o jwalo ha a busa bafumanehi.

16 Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele.

17 Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.

18 Ya phelang ka botshepehi o tla fumana pholoho; ya phelang ka bokgopo yena hanghang o tla timela.

19 Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo; ya pheellang mafeela o tla futsaneha haholo.

20 Motho ya tshepahalang o tla hlohonolofala haholo, athe ya potlakelang ho rua, kotlo o tla e fumana.

21 Ho ahlola ka leeme hase ntho e ntle, empa motho a ka nna etsa sebe, hore a fumane sengwathwana.

22 Ya mahlo a matsho o potlakela leruo, ha a nahane le hore bofuma bo tla mo wela hodimo.

23 Ya kgalemang motho e mong, o tla ratwa, ho feta ya qekisang ka leleme la hae.

24 Ya utswetsang ntatae kapa mmae, a ntsa ithetsa ka ho re: “Hona hase sebe,” ya jwalo yena ke motswalle wa disenyi hantle.

25 Motho ya ikgohomosang o fehla moferefere; ya itshepelang Morena o tla fumana katleho.

26 Motho ya sethoto ke ya itshepang boyena, ya sebetsang ka bohlale o tla fumana pholoho.

27 Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata.

28 Ha ba kgopo ba busa, tjhaba se a ipata; empa ha ba timela, ba lokileng ba tla ngatafala.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan