Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Diproverbia 27 - BIBELE

1 O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.

2 Motho ha a ithorise o roriswa ke ba bang, a ka roriswa ke basele, e seng yena a ithorise.

3 Lejwe le boima, le lona lehlabathe, ho halefiswa ke sethoto ho boima ho di feta.

4 Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?

5 Ho kgalema motho sefahlamahlo ho molemo ho feta rato la lekunutu.

6 Ho batwa ke motswalle ho na le molemo, empa ho akwa ke sera ke thetso.

7 Ya nyonyobetseng o hlaba kgora ka sefeamaeba, athe ho ya lapileng le ho babang ho a latsweha.

8 Monna ya furallang lapa la hae, o tshwana le nonyana e furallang sehlaha sa yona.

9 Ditlolo le menkwane di thabisa pelo ya motho, keletso e ntle ya motswalle le yona e thabisa jwalo.

10 Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole.

11 Mora ka, hlalefa, o thabise pelo ya ka, ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.

12 Ya sedi o elellwa kotsi, a batle setshabelo, empa ya se nang tsebo o tlatselaka feela, a wele kotsing.

13 Nka seaparo sa ya itlammeng ho lefa molato wa e mong; mo ntshise tebeletso bakeng sa mosadi wa sehlola.

14 Ya dumedisang mohahabo ka ho mo tlatsetsa lerata, a mo tlatsetsa lerata ka matjeke, tlhohonolofatso ya hae e tla fetoha thohako.

15 Metsi a rothang ho ya ho ile ha pula e ena, a tshwana hantle le mmadikomang.

16 Ho mo thodisa ho tshwana le ho thiba moya, kapa ho kgakeletsa ole ka seatla.

17 Tshepe e leotswa ka tshepe e nngwe, monna o tentshwa tshea ke banna ba bang.

18 Ya hlokomelang fate sa feiye, o tla ja tholwana tsa sona; ya baballang monga hae hantle, o tla tlotlwa ke yena.

19 Jwalokaha motho a ipona sefahleho ka metsing, pelo ya motho le yona ke seipone sa hae.

20 Nqalo ya Bafu le mohohlo wa timelo ha di ke di tlala, le wona mahlo a motho ha a kgotsofale.

21 Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona ka seboping sa yona, le motho o ahlolwa ka botumo ba hae.

22 Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela.

23 Eba mafolofolo ho lekola kgutshwane tsa hao, o hlahlobe mehlape ya hao hantle;

24 hobane leruo ha le hlole kamehla yohle, le mofapahlooho wa kgosi ha o fetele melokong yohle.

25 Ha jwang ba thoko bo fedile, jwang bo botjha bo se bo hlahile, mme jwang bo matswapong bo bokeletswe,

26 o tla apara tsa boya ba dikonyana, ka dipotsanyane o reke masimo.

27 Bese la dipodi le tla o lekana, e be dijo tsa hao le tsa lapa la hao, o fepe le makgabunyane a hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan