Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Diproverbia 24 - BIBELE


19

1 O se ke wa kgahlwa, wa kgahlwa ke ba kgopo, o se lakatse ho etsa setswalle le bona,

2 hobane ba inahanela ho sebedisa dikgoka, melomo ya bona e bua dimpe.


20

3 Bohlale ke bona bo hahang ntlo, kutlwisiso yona e e tsitsise,

4 tsebo e tlatse dikamore ka mekgabo ya matlotlo a bohlokwa, matlotlo a kgahlehang.


21

5 Ya bohlale o matla ho feta senatla, ya nang le tsebo o feta sekwankwetla.

6 O lwana ntwa o itokiseditse yona hantle, o e hlole ka ho eletswa ke ba bangata.


22

7 Sethoto ha se utlwisise bohlale, ka kgotla se ke ke sa ahlamisa molomo.


23

8 Ya lohang mano a ho etsa bokgopo batho ba mmitsa rabolotsana.

9 Merero ya bothoto ke sebe, mosomi o nyonywa ke batho bohle.


24

10 Haeba o nyahama pelo mohla ditsietsi, o fela o fokollwa ke matla.


25

11 Lopolla ba iswang lefung, o pholose ba iswang polaong.

12 Ha o ka re: “Jo! re ne re sa tsebe!” Na ya bonang dipelo yena a ke ke a lemoha? Ya baballang bophelo ba hao yena o a tseba, motho ka mong o tla mo putsa ho ya ka mesebetsi ya hae.


26

13 Mora ka, eja mahe a dinotshi, hobane a a latsweha, o je kgekge ya dinotshi hobane e a hlabosa.

14 Tseba hore bohlale bo jwalo moyeng wa hao; ha o ka bo fumana o tla ba le katleho kamoso, tshepo ya hao e ke ke ya fela.


27

15 Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa,

16 hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.


28

17 O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao, pelo ya hao e se nyakalle ha se kgothometseha;

18 esere Morena a bona, mme a nyatsa, a kgelosa kgalefo ya hae ho sona.


29

19 O se ke wa itshwenya ka ba etsang bobe, kapa wa kgahlwa ke ba etsang bokgopo;

20 ya kgopo ha ho letho leo a le tshepileng, bone la bophelo ba hae le tla tingwa.


30

21 Mora wa ka, tshaba Morena le kgosi, o se ke wa ikopanya le mahlabaphiyo,

22 hobane hanghang koduwa e tla a wela hodimo. Ana ke mang ya ka tsebang tshenyo eo ba tla e etsa?


Polelo tse ding hape tsa ba bohlale

23 Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale: Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.

24 Ya reng ho ya kgopo: “Ha o na molato,” tjhaba di tla mo rohaka, merabe e mo nyonye;

25 empa ba ahlolang ya molato ba tla atleha, mahlohonolo a ba atele.

26 Ya arabang ka bokgabane o supa setswalle sa nnete.

27 Hlopha mosebetsi wa hao o kantle, ebe o lema tshimo ya hao, o nto haha ntlo ya hao.

28 O se be paki e tswang mohaeno ntle ho lebaka, polelo tse thetsang di se tswe molomong wa hao.

29 O se ke wa re: “Ke tla busetsa molamu sefateng, kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.”

30 Ke ile ka feta pela tshimo ya sekgoba, ka ba ka feta rapeng sa morara sa ya sethoto,

31 ka bona di rarieletswe ke meutlwa, bobatsi le bona bo entse mofero, marako le wona a se a helehile.

32 Ka bona, ka ba ka imamela, ka tadima, ka ithuta sena:

33 Ha o ka re shwa! wa boela wa re shwa! wa phuthaphutha matsoho, wa iphomolela,

34 fuma ba hao bo tla o nanarela, bo o nanarele jwaloka senokwane, tlala e o wele hodimo sa motho a nkile dihlomo.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan