Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Diproverbia 23 - BIBELE


6

1 Ha o dula tafoleng, o eja le mmusi, hopola hantle hore na o dutse le mang;

2 haeba o itseba o le monyollo, ako itshware, o je jwaloka motho;

3 o se kgalle dimenyemenye tsa hae, hoba hase dijo empa e le maraba.


7

4 O se ka itja matla hore o ithuise; eba le bohlale ba ho itshwara.

5 Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


8

6 Se je dijo tsa ya lekgonatha, o se ke wa kgalla dimenyemenye tsa hae,

7 hobane kamehla o nahana theko ya tsona. O re ho wena: “Eja, o nwe,” feela pelo ya hae yona ha e rialo.

8 O tla hlatsa le thathana eo o e jeleng, ebe mantswe a hao a monate a teboho a senyehile.


9

9 O se ikgathatse ho bua le sethoto, hoba se tla nyedisa bohlale ba dipuo tsa hao.


10

10 O se ke wa tlosa mokolokotwane wa kgale, kapa wa hapa masimo a dikgutsana,

11 hoba Mosireletsi wa tsona o matla, ke yena ya tla emela nyewe ya tsona.


11

12 Pelo ya hao e thahaselle ho ithuta, tsebe tsa hao di mamele puo tse nang le tsebo.


12

13 Se hlokise ngwana wa hao kgalemo, thupa ke mosesetso e ke ke ya mmolaya.

14 Mo sasare ka leswai, o tla mo phemisa lefu.


13

15 Mora ka, haeba o le bohlale, le nna ke tla thaba;

16 pelo ya ka e tla nyakalla ha o bua seo e leng nnete.


14

17 Pelo ya hao e se kgahlwe ke baetsadibe, empa kamehla o tjhesehele ho tshaba Morena.

18 Ruri o sa na le seo o se tshepileng kamoso, mme tshepo ya hao e ke ke ya ba ya fela.


15

19 Mamela, mora ka, o tlo hlalefe, o tsamaye tseleng e nepahetseng.

20 Se tsamaye le ba itlopang veine, kapa ba kgetshelakang dinama,

21 hoba matahwa le menyollo e a futsaneha ho tsherehana ho e apesa marantha.


16

22 Mamela ntatao ya o tswetseng, O se nyedise mmao ha a tsofetse.

23 Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.

24 Ntata ya lokileng o nyakalla haholo; ya nang le mora ya bohlale o itumela ka yena.

25 Ntatao le mmao ba ke ba thabe, mmao ya o tswetseng a ke a nyakalle!


17

26 Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,

27 hobane seotswa ke lemena le tebileng, seraburabu sona ke mokoti o patisaneng;

28 se lalla jwaloka senokwane, se atisa dihlola hara banna.


18

29 Ya madimabe ke mang? Ya hlomohileng ke mang? Ya dikgang ke mang? Ya tletlebang ke mang? Ya meupa ya bosawana ke mang? Ya mahlomafubedu ke mang?

30 Ke ba hlanyetsang veine, ba yang ho latswa veine e tswakilweng.

31 O se ke wa tadima veine ha e le kgubedu, ha e phophoma kahara mopotjwana, ha e re lelele! hamonate mmetsong.

32 E qetella ka ho loma jwaloka noha, mahloko a tjhatjhametse jwaloka a marabe.

33 Mahlo a hao a tla bona pono disele, kelello ya hao e nahane dintho tse ferekanyang.

34 O tla ba jwaloka ya robetseng bodibeng ba lewatle, ya paqameng hodima mehala ya sekepe.

35 O tla re: “Ba nkotlile, empa ha ke a utlwa bohloko! Ba ntjhapile, empa ha ke utlwe letho! Ekaba ke tla tsoha neng, ke tswe ke tshwara mohotswana, ke o tshwara hape?”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan