Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Diproverbia 22 - BIBELE

1 Bitso le letle le molemo ho feta maruo a mangata, ho hlompheha ho molemo ho feta silefera kapa kgauta.

2 Morui le mofutsana ba tshwana ka sena: Bobedi ba bona ba bopilwe ke Morena.

3 Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.

4 Boikokobetso le ho tshaba Morena di tlisa leruo le tlotla le bophelo.

5 Meutlwa le maraba di tseleng ya ya kgopo, empa ya ipaballang yena o tla di qoba.

6 Ruta ngwana tsela ya ho phela, ha a hodile a ke ke be a fapoha.

7 Barui ba laola mafutsana; moadimuwa o fetoha kgoba la moadimi.

8 Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi, kgalefo ya hae e ke ke ya mo thusa ka letho.

9 Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.

10 Leleka mosomi mme qabang di tla fela, diphapang le mahlapa le tsona di kgaotse.

11 Ya ratang pelo e hlwekileng, eo polelo tsa hae di tletseng mohau, kgosi e tla ba motswalle wa hae.

12 Mahlo a Morena a fadimehela tsebo, empa o nyopisa polelo tsa ya sa tshepahaleng.

13 Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!”

14 Molomo wa sehlola ke lemena le tebileng; ya halefetsweng ke Morena o tla wela ka ho lona.

15 Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.

16 Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha.


Maele a mashome a mararo

17 Thea tsebe o mamele polelo tsa ba bohlale, o ele hloko ho ithuta tseo ke di tsebang,

18 hobane ho monate ha o di boloka ka pelong ya hao, kaofela ha tsona di dutse molomong wa hao.

19 Kajeno ke hlile ke ruta wena, wena ka seqo, e le hore o tlo tsebe ho tshepa Morena.

20 Ke o ngoletse polelo tse mashome a mararo, tse nang le keletso le tsebo,

21 tse o rutang botshepehi le ho bua nnete, ya o rommeng o tlo mmolelle nnete.


1

22 O se tlatlape mofutsana hobane e le mofutsana, o se sotle bahloki ka kgotla,

23 hobane Morena o tla emela nyewe ya bona; ba ba jeleng le bona Morena o tla ba fedisa.


2

24 O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana,

25 esere wa ithuta mekgwa ya sona, yaba le wena o a tshwaswa.


3

26 O se ke wa ikana ka ho etsa tshepiso, o se itlame ho lefa melato ya ba bang.

27 Ha o hloka seo o lefang ka sona ba tla o hlakola esita le moalo wa hao.


4

28 O se ke wa tlosa mekolokotwane ya kgale, e hlonngweng ke baholoholo ba hao.


5

29 Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan