Diproverbia 21 - BIBELE1 Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana. 2 Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo. 3 Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo. 4 Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe! 5 Merero ya ya mafolofolo e mo tlisetsa nala, lepotlapotla lona le ikisa bofumeng. 6 Tlotlo le fumanwang ka ho bua leshano ke mouwane o fetang le leraba la lefu. 7 Dikgoka tsa ba kgopo di tla ba timetsa, hoba ba hana ho etsa ho lokileng. 8 Tsela ya ba molato e matswedintsweke, boitshwaro ba ba hlokang kodi bo otlolohile. 9 Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng, kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang, ho phela le yena ka tlung e le nngwe. 10 Motho ya kgopo o labalabela bobe, ha a qenehele ya ahisaneng le yena. 11 Ha mosomi a otlwa, ya se nang tsebo o a hlalefa; ha ya bohlale a rutwa, yena o fumana tsebo. 12 Modimo ya lokileng o hlahloba lapa la ya kgopo, o timetsa ya kgopo ka baka la bokgopo ba hae. 13 Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa. 14 Mpho ya lekunutu e thethefatsa bohale, tjotjo e kgwaetsweng ka kobong, e kokobetsa kgalefo e tlokomang. 15 Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo. 16 Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu. 17 Ya hlanyetsang menyaka o tla fumaneha, ya ratang veine le dimenyemenye ha a ka ke a rua. 18 Ya kgopo o rekiswa bakeng sa ya lokileng, ya sa tshepahaleng yena bakeng sa ya kgabane. 19 Ho molemo ho iphelela hara lehwatata, ho ena le ho phela le nkwapo, mmadikomang. 20 Lapeng la ya bohlale ho tletse menono, le maruo, athe sethoto sona se hafaka se sa qenehele. 21 Ya thahasellang ho loka le lerato o tla fumana bophelo le toka le tlotla. 22 Ya bohlale o hlasela qhobosheane ya bahale, a heletse marako ao ba a tshepileng. 23 Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing. 24 Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo. 25 Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona, se leqe ho sebetsa, ho sebetsa ka matsoho a sona; 26 se qeta letsatsi se lakatsa, se sa fumane, empa ya lokileng o fana a sa kganane. 27 Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe. 28 Paki ya leshano e tla timela, polelo tsa ya qalang ka ho mamela di a amoheleha. 29 Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae. 30 Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate. 31 Pere e kwetlisetswa tsatsi la ntwa, empa tlholo yona ke ya Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa