Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Diproverbia 20 - BIBELE

1 Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.

2 Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.

3 Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele!

4 Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho.

5 Pelong ya motho merero e ka metsi a bodiba, ya nang le kutlwisiso yena o a e fihlela.

6 Motho ka mong o ithorisa ka molemo wa hae, ya tshepahalang yena a ka fumanwa ke mang?

7 Metsamao ya ya lokileng ha e na kodi, bana ba hae ba tla hlohonolofala.

8 Kgosi ha e dutse tulong sa yona sa kahlolo, ka mahlo a yona e tsheka bobe bohle.

9 Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka, nna ke hlwekile ha ke na sebe?”

10 Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng, esita le boima bo sa lekaneng, bobedi ke manyala, ke manyala mahlong a Morena.

11 Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae, e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng.

12 Tsebe e mamelang le leihlo le bonang, bobedi ba tsona di entswe ke Morena.

13 Se rate boroko, esere wa futsaneha; se robale, o tlo atelwe ke tjhai.

14 “Ha e a loka! Ha e a loka!” ho rialo moreki. Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.

15 Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.

16 Ya itlamang ka molato wa e mong, o mo nkele kobo ya hae, o e bee paneng ha a itlamme ka molato wa motho eo.

17 Dijo tse fumanweng ka bolotsana di monate ho motho, empa hamorao molomo wa hae o tlala lehlohlojane.

18 Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.

19 Ya ratang ditshebo o hlahatsa makunutu, motho wa lehehle eka kgona o mo kwekwetle.

20 Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.

21 Leruo le bokellwang ka potlako sethathong, qetellong le ke ke la hlohonolofatswa.

22 Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela.

23 Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng ke manyala mahlong a Morena; dikala tsa bolotsana le tsona ha di mo thabise.

24 Mehato ya motho e laolwa ke Morena, ebe jwale motho tsela a ka e tseba jwang?

25 Ho abela Morena mpho ka potlako ke leraba ho motho, ebe hamorao o ipelaetsa ka boitlamo ba hae.

26 Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo, e ba ahlole e se na kutlwelobohloko.

27 Bone la Morena ke wona moya wa motho, le bonesa bokahare ba pelo ya motho.

28 Kgosi e sireletswa ke lerato le botshepehi terone ya yona e tsitsiswa ke lerato.

29 Tlotla ya batjha ke matla a bona, moriri o moputswa ke bokgabane ba maqheku.

30 Mehwabadi ke yona pheko ya bokgopo, meupa e hlwekisa bokahare ba pelo.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan