Diproverbia 17 - BIBELE1 Ho molemo ho itjella dikokotwana, ho itjella tsona ka kgotso, ho ena le ho phela tlung e nang le kgora le diqabang. 2 Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae. 3 Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena. 4 Ya etsang bokgopo o mamela polelo tsa leshano, ya leshano yena o mamela tsa bokgopo. 5 Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa. 6 Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona. 7 Sethoto ha se lokelwe ke puo tsa bokgeleke, puo ya leshano ha e lokele kgosana. 8 Tjotjo ke hakwe la bohlokwa, ke la bohlokwa ho mo-e-fani, e mo atlehisa ho tsohle tseo a di etsang. 9 Ya lalang diphoso ka mmele o qeka ho ratwa, athe ya di pepesang yena o senya setswalle. 10 Ya bohlale o phakisa ho amohela kgalemo, thoto ha se shapuwa halekgolo ha se mamele. 11 Motho ya kgopo o thabela meferefere, ya jwalo o romellwa leqosa, leqosa le sehloho. 12 Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona. 13 Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae. 14 Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela. 15 Ya lokollang ya kgopo le ya ahlolang ya lokileng, bobedi ba bona ke manyala ho Morena. 16 Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale? 17 Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi. 18 Ya hlokang kelello o itlama ka ditshepiso, o itlama ho lefa melato ya ba bang. 19 Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo. 20 Motho ya pelo e kgopo ha a atlehe; ya leme le tletseng thetso o tla timela. 21 Ya tswalang sethoto o itswalla ditsietsi, ntata sethoto o hloka thabo. 22 Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele. 23 Motho ya kgopo o amohela tjotjo sephiring, ka yona o kgopamisa ditsela tsa toka. 24 Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle. 25 Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa. 26 Ke phoso ho ahlola motho a se na molato, kapa ho otlela mahosana ho loka ha wona. 27 Ya nang le tsebo o tswara leme la hae, ya nang le kutlwisiso ha a ke a halefa. 28 Sethoto ha se kgutsitse ho thwe se hlalefile, se na le kutlwisiso ha se tshwara leme la sona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa