Diproverbia 15 - BIBELE1 Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale. 2 Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto. 3 Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng. 4 Leme le thabisang ke fate sa bophelo, empa le thetsang le senya pelo ya motho. 5 Sethoto se nyedisa thuto ya ntata sona, athe ya ratang kgalemo yena o a hlalefa. 6 Ka tlung ya ya lokileng leruo le teng, empa ya kgopo leruo le mmakela ditsietsi. 7 Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe. 8 Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla. 9 Ditsela tsa ya kgopo ke manyala ho Morena, ya labalabelang ho loka yena o a mo rata. 10 Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo, ya hloileng kgalemo yena o tla timela. 11 Morena o tseba tse ka Nqalong ya Bafu, le tse ka ho ya Timelo o a di tseba, a ka sitwa keng ho tseba makunutu a batho? 12 Mosomi yena o hloile kgalemo, le ho ba bohlale a ke ke a batla keletso. 13 Pelo ha e thabile sefahleho se kganya kgotso, empa ha e hlomohile motho o utlwa bohloko. 14 Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto. 15 Ya tshwenngwang o phela habohloko ka nako tsohle, ya thabileng yena o keteka kamehla. 16 Sejosenyane se molemo ha o tshaba Morena, ho ena le maruo a o bakelang ditsietsi. 17 Ho molemo ho ja moroho o fanwang ka lerato, ho ena le matshufu a fanwang ka lehloyo. 18 Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa. 19 Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle. 20 Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae, empa sethoto sona se nyedisa le mma sona. 21 Ya hlokang bohlale o thabiswa ke bothoto, ya nang le kutlwisiso yena o etsa ho lokileng. 22 Ya sa rateng dikeletso merero ya hae e a nyopa, ya eletswang ke ba bangata yena o a atleha. 23 Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang! 24 Ho ya bohlale tsela ya bophelo ke e yang hodimo, ho mo phemisa ho theohela lebitleng. 25 Morena o timetsa lapa la moikgantshi, empa o sireletsa moedi wa lapa la mohlolohadi. 26 Mehopolo ya ya kgopo ke manyala ho Morena, polelo tsa ya lokileng tsona di kgahlisa Morena. 27 Ya meharo o tlisetsa lapa la hae tsietsi, ya hloileng tjotjo yena o tla phela. 28 Ya lokileng o inahana a eso arabe, molomong wa ya kgopo bokgopo bo a kopotsa. 29 Morena o emeletse thoko, thoko le ba kgopo, thapelo ya ba lokileng o e sekehela tsebe. 30 Ho tadima motho hantle ho thabisa pelo ya hae, taba tse molemo di mo tsosa molota. 31 Ya mamelang kgalemo e isang bophelong, o tla dula hamonate hara ba bohlale. 32 Ya sa natseng thuto o a inyedisa, empa ya mamelang kgalemo o ekeletswa kutlwisiso. 33 Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa