Diproverbia 13 - BIBELE1 Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo. 2 Motho o kgola tholwana tse monate, tholwana tsa dipuo tsa hae, ya sa tshepahaleng yena o lapetse mahahapa. 3 Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela, 4 Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle. 5 Motho ya lokileng o hloile leshano, ya kgopo ha a na dihlong, o a swabisa. 6 Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe. 7 E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana. 8 Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho. 9 Lebone la ya lokileng le tuka haholo, empa bone la ya kgopo lona le tla tingwa. 10 Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso. 11 Maruo a bolotsana a tla fela hang, a kolletswang kahanyane wona a a eketseha. 12 Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo. 13 Ya nyefolang dikeletso o tla timela, ya bolokang molao o tla amohela moputso. 14 Thuto ya ya bohlale ke sediba sa bophelo, e phemisa motho maraba a lefu. 15 Kelello e tjhatsi ho bohle e a kgahleha, tsela ya ba sa tshepahaleng e isa timelong. 16 Motho ya bohlale o sebetsa ka kelello, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona. 17 Leqosa le kgopo le welwa ke ditsietsi, moromuwa ya tshepahalang o tlisa tse molemo. 18 Bofuma le dihlong di wela ya hanang kgalemo, tlotla e aparela ya sa haneng ho nyatsuwa. 19 Se labalabelwang ha se fihletswe se a thabisa, dithoto tsona ha di rate ho tela bobe. 20 Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala. 21 Bobe bo salama baetsadibe, ba lokileng bona ba putswa ka tse molemo. 22 Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng. 23 Masimong a mofutsana tjhai e ba ngata, ba hlokang toka bona ba a e fedisa. 24 Motho ya sa shapeng mora hae o mo hloile, athe ya ratang mora hae yena o a mo kgalema. 25 Ya lokileng o a ja, a ikgotsofatse, empa ya kgopo yena o ngongorehela dijo. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa