Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 98 - BIBELE


Morena ke moahlodi wa lefatshe

1 Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang.

2 Morena o bonahaditse ho pholosa ha hae, a bontsha ditjhaba ho loka ha hae.

3 O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae ho ba ntlo ya Iseraele. Dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.

4 Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, le tsanyaole, le mo roke ka thabo.

5 Rokang Morena ka harepa, ka harepa le ka pina e monate,

6 ka diterompeta le ka modumo wa lenaka; etsetsang kgosi, Morena, mehoo le mo etsetse mehoo ya thabo.

7 Lewatle le ke le hwase le tsohle tse ka ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.

8 Dinoka di ke di ope diatla, dithaba kaofela di etse ditlatse

9 kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan