Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 97 - BIBELE


Morena ke kgosi e fenyang

1 Morena ke kgosi; lefatshe le ke le nyakalle, dihlekehleke tse ngata di ke di thabe.

2 Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae.

3 Mollo o mo eteletseng pele o tjhesa dira tse mo potapotileng.

4 Mahadima a hae a bonesa lefatshe; lefatshe le a bona, mme le a thothomela.

5 Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso, jwaloka tshotso kapele ho Morena, e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle.

6 Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae.

7 Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae.

8 Sione e utlwile, mme e a thaba, metse ya Juda e a nyakalla, ka baka la dikahlolo tsa hao, wena Morena.

9 Wena Morena ya hodimodimo, ya phahametseng lefatshe lohle, o feta medimo yohle hole.

10 Lona ba ratang Morena, hloyang bokgopo, o baballa bophelo ba batshepuwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba kgopo.

11 Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle.

12 Lona ba lokileng thabelang Morena, le boke lebitso la hae le halalelang.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan