Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 96 - BIBELE


Modimo ke kgosi le moahlodi wa lefatshe

1 Binelang Morena sefela se setjha, lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena.

2 Binelang Morena, bokang lebitso la hae, ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsang le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.

3 Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le dimakatso tsa hae hara merabe yohle.

4 Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.

5 Medimo yohle ya baditjhaba ke mafeelafelane, athe Morena ke yena ya entseng mahodimo.

6 O eteletswe pele ke tlotla le botlotlehi, matla le kganya di Sehalalelong sa hae.

7 Thoholetsang Morena, lona ditjhaba tsa mefutafuta, thoholetsang tlotla le matla a Morena.

8 Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong mabaleng a hae, le mo nyehelle.

9 Kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang, lefatshe lohle le thothomele, le thothomele kapele ho yena.

10 Ereng ho baditjhaba: “Morena ke kgosi, o tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha; o ahlola ditjhaba ka ho loka.”

11 Mahodimo a ke a thabe, lefatshe le nyakalle, lewatle le hwase le tsohle tse ka ho lona.

12 Naha e nyakalle le tsohle tse ho yona, difate tsa meru di etse ditlatse

13 kapele ho Morena, hobane o a tla, o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka nnete ya hae.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan