Dipesaleme 92 - BIBELESefela se rorisang toka ya Modimo 1 Pesalema. Sefela sa letsatsi la Sabatha. 2 Ke hantle ho boka Morena, ho roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo, 3 ho bolela mohau wa hao e sa le hoseng, le botshepehi ba hao ka masiu wohle, 4 ka seletsa se dikgwele tse leshome, le ka harepa, le thomo e modumo o monate. 5 Wena Morena, o nthabisitse ka diketso tsa hao; mesebetsi ya diatla tsa hao ke e etsetsa ditlatse. 6 Morena, mesebetsi ya hao e meholo hakaakang! Mehopolo ya hao e tebile hakaakang! 7 Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa. 8 Leha ba bolotsana ba mela, ba mela jwaloka jwang, mme bohle ba kgopo ba atleha, ba loketse ho timella ruri. 9 Empa wena Morena, o ya phahameng kamehla yohle. 10 Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa. 11 Empa nna o mmatlafaditse, wa mmatlafatsa jwaloka nare, wa ntlotsa ka ole e hlwekileng. 12 Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla. 13 Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone. 14 Ba hlomilweng ka tlung ya Morena ba tla atleha mabaleng a Modimo wa rona. 15 Le boqhekung ba beha ditholwana, jwaloka difate tse nonneng, fate tse talana, 16 ho bontsha hore Morena o lokile, ke lefika la ka, ha ho na bobe ho yena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa