Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 91 - BIBELE


Ho phela tshireletsong ya Modimo

1 Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle,

2 o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

3 Ke yena ya tla o tshwasolla lerabeng la setsomi, le lefung le timetsang la sewa.

4 O tla o kwahela ka masiba a hae, o tshabele tlasa mapheo a hae. Botshepehi ba hae ke thebe le thejana:

5 O ke ke wa tshaba ditshosa tsa bosiu, kapa metsu e bebang motsheare,

6 leha e le lefu la sewa le kgukgunang lefifing, leha e le koduwa e timetsang hara mpa ya motsheare.

7 Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho.

8 O tla bona ka mahlo a hao ha ba kgopo ba putswa.

9 Kahobane o entse Morena setshabelo sa hao, mme Ya Hodimodimo o mo entse qhobosheane ya hao,

10 ha ho bobe bo ka o welang hodimo, ha ho kotlo e ka atamelang motlotlwane wa hao.

11 O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.

12 A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.

13 O tla hata tau le marabe, o hatakele tawana le noha.

14 “Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,” ho rialo Morena, “ke mo sireletse, hobane o tseba lebitso la ka.

15 Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.

16 Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele, ke mmontshe ho pholosa ha ka.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan