Dipesaleme 90 - BIBELEBoholo ba Modimo le bofokodi ba motho 1 Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo. Morena, o bile setshabelo sa rona melokong yohle. 2 Dithaba di eso be teng, le lefatshe, le tsohletsohle di eso hlahe, haesale o le Modimo ya se nang bofelo. 3 O kgutlisetsa motho leroleng, o re: “Kgutlang, bana ba batho.” 4 Mahlong a hao dilemo tse sekete di ka letsatsi la maobane le seng le fetile, di ka nakwana ya bosiu. 5 O fedisa batho hanghang, e be e ke ke toro, ba ka jwang bo melang hoseng. 6 Hoseng bo a mela, bo palese; mantsiboya bo a pona, bo omelle. 7 Re fediswa ke kgalefo ya hao, re thothometswa ke bohale ba hao. 8 Makgopo a rona o a a bona, dibe tsa rona tse patehileng wa di bea pontsheng ya hao. 9 Ditshiu tsa rona tsohle di a kgutsufala, di kgutsufatswa ke bohale ba hao, dilemo tsa rona di feta jwaloka mofehelo. 10 Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile. 11 Ke mang ya ka tsebang matla a bohale ba hao, le ho tshabeha ha kgalefo ya hao? 12 Kahoo re rute ho bala ditshiu tsa rona, pelo tsa rona di tle di hlalefe. 13 Ako boele o re hopole, Morena! O tla dieha ho fihlela neng? Qenehela bahlanka ba hao. E sa le hoseng, 14 re sitse ka mohau wa hao, re tle re o etsetse ditlatse, re thabe ka matsatsi wohle. 15 Ako re thabise ka matsatsi a lekanang le ao o re hlokofaditseng ka wona, le ka dilemo tse lekanang le tseo re bileng madimabe, ra ba madimabe ka tsona. 16 Ako bonahatse mosebetsi wa hao ho bahlanka ba hao, le kganya ya hao ho bana ba bona. 17 Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa