Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 9 - BIBELE


Ho leboha Modimo ka baka la toka ya hae

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane.

2 Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.

3 Ke a o thabela, ke nyakallela ho wena; ke roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo.

4 Dira tsa ka di tjhetjhile ka santhao, di kgopilwe, tsa timela ha o hlaha,

5 hobane o emetse nyewe ya ka le ditokelo tsa ka, o dutse teroneng ya hao o le moahlodi ya lokileng.

6 O kgalemetse ditjhaba, wa timetsa ba kgopo, mabitso a bona wa a hlakolela ruri.

7 Dira di ripitletswe ruri; metse ya tsona o e fetotse masupi, ha e sa tla hlola e hopolwa.

8 Empa Morena o busa kamehla, terone ya hae o e theetse ho ahlola.

9 O ahlola lefatshe ka toka, ditjhaba o di ahlola a se na leeme.

10 Morena e ke e be qhobosheane ya ba hatellwang, qhobosheane nakong ya matshwenyeho.

11 Ba tsebang lebitso la hao ba ke ba o tshepe, ba o tshepe hobane wena Morena, o ke ke wa furalla ba o batlang.

12 Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,

13 hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona.

14 Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu,

15 e le hore ke tle ke bolele dithoko tsa hao, ke di bolele kgorong ya motse wa Sione, mme ke nyakalle hobane o mpholositse.

16 Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.

17 Morena o itsebahaditse, o phethahaditse kahlolo, ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi, mesebetsi ya diatla tsa bona.

18 Ba kgopo ba ikela Nqalong ya Bafu: tjhaba tsohle tse sa reng letho ka Modimo.

19 Mafutsana a ke ke a leballwa ruri, tshepo ya bahlophehi e ke ke ya fetoha lefeela.

20 Thusa, Morena! Motho a se ke a kgantsha matla, ditjhaba di ahlolwe kapela hao.

21 Di kenye letswalo, Morena; ditjhaba di ke di tsebe hore e ntse e le batho feela.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan