Dipesaleme 89 - BIBELEDitshepiso tsa Modimo ho Davida 1 Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto. 2 Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao; 3 hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong. 4 “Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapanyeditse Davida, mohlanka wa ka, ka re: 5 ‘Ke tla etsa hore leloko la hao le hlole kamehla yohle, ke tiise terone ya hao melokong yohle.’ ” 6 Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi. 7 Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo? 8 Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare. 9 Morena, Modimo wa mabotho, ke mang ya kang wena? Morena, wena ya matla, botshepehi ba hao ke kobo ya hao. 10 Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang. 11 Ke wena ya qhemeditseng Rahaba, wa moqhemetsa jwaloka setopo, ka tsoho la hao le matla o qhalakantse dira tsa hao. 12 Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng. 13 Leboya le borwa ke wena ya di hlodileng, Tabore le Heremone di etsetsa lebitso la hao ditlatse. 14 O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame. 15 Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hao, mohau le botshepehi di o eteletse pele. 16 Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang ho etsa mehoo ya thabo, se tsamayang kganyeng ya sefahleho sa hao, Morena, 17 se thabelang lebitso la hao kamehla, se phahamiswang ka baka la ho loka ha hao. 18 Ke wena matla ao se ithorisang ka wona, o re tsosa molota ka ho rata ha hao. 19 Thebe ya rona ke ya Morena, kgosi ya rona ke ya Ya Halalelang wa Iseraele. 20 Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba. 21 Ke fumane Davida, mohlanka wa ka, ka mo tlotsa ka ole ya ka e halalelang. 22 Seatla sa ka se tla mo tshehetsa, letsoho la ka le mo matlafatse. 23 Ha ho sera se tla mo tsometsa, le ya kgopo a ke ke a mo hlola. 24 Ba mo lwantshang ke tla ba ripitla mahlong a hae, ke fenye ba mo hloileng. 25 Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, ka lebitso la ka o tla tsoha molota. 26 Ke tla namisa mmuso wa hae ho ya fihla Lewatleng, le puso ya hae ho ya fihla dinokeng. 27 O tla re ho nna: ‘O ntate, wena Modimo wa ka, lefika le mpholosang.’ 28 Nna ke tla mo etsa letsibolo, a phahamele dikgosi tsohle, kgosi tsa lefatshe. 29 Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng. 30 Ke tla etsa hore leloko la hae le hlole kamehla yohle, le terone ya hae e be teng ha mahodimo a ntse a le teng. 31 “Haeba bara ba hae ba furalla Molao wa ka, ba sa latele dikahlolo tsa ka; 32 ha ba tlola ditaelo tsa ka, ba sa boloke melao ya ka; 33 ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona, ke ba kgalemelle tsona ka thupa, le melato ya bona ka phafa. 34 Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka. 35 Nke ke ka kwenehela selekane sa ka; seo ke se buileng nke ke ka se fetohela. 36 Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida. 37 Leloko la hae le tla hlola kamehla, terone ya hae e be teng ha letsatsi le ntse le le pela ka; 38 e hlole kamehla jwaloka kgwedi, paki eo e tshepahalang e mahodimong.” 39 Leha ho le jwalo, o halefetse motlotsuwa wa hao, wa mo lahla, wa mo nyedisa. 40 O hlakotse selekane sa hao le mohlanka wa hao, wa silafatsa mofapahlooho wa hae, wa o silafatsa leroleng. 41 O dihile metero yohle ya hae, metse ya hae e haheleditsweng wa e fetola masupi. 42 Bo-mofetakatsela bohle ba mo hapetse tsa hae, a fetoha sesomo ho bao a ahisaneng le bona. 43 O matlafaditse matsoho a ba mo lwantshang, wa thabisa dira tsohle tsa hae. 44 O thithibantse bohale ba sabole ya hae, wa se ke wa mo tshehetsa ntweng. 45 O mo amohile lere la puso, wa dihela terone ya hae fatshe. 46 O kgutsufaditse matsatsi, matsatsi a botjha ba hae, wa etsa hore a aparelwe ke dihlong. 47 Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng? 48 Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela. 49 Na motho o teng ya ka phelang, mme a se ke a shwa, ya ka itopollang matleng a Nqalo ya Bafu? 50 Morena, o kae mohau wa hao, mohau wa hao wa pele, oo ka botshepehi ba hao o o hlapanyeditseng Davida? 51 Ako hopole ho hlapaolwa ha bahlanka ba hao, Morena! Ke jere dinyediso tse ngata tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka. 52 Morena, dira tsa hao di re hlapaotse, di setse motlotsuwa wa hao morao di ntse di mo hlapaola. 53 Ho bokwe Morena kamehla yohle! Amen. Amen. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa