Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 87 - BIBELE


Sione mma ditjhaba

1 Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Motse wa Modimo o theilwe hodima thaba e halalelang,

2 Morena o rata dikgoro tsa Sione, ho feta metlotlwane yohle ya Jakobo.

3 O bolelwa ka tse kgabane, wena motse wa Modimo, ho thwe:

4 “Hara ditjhaba tse ntsebang ke bolela tsena: Egepeta le Babilona, Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe; ka tsona ho thwe: ‘Motho enwa o tswaletswe Sione.’ ”

5 Ka Sione ho thwe: “Batho bohle ke bana ba Sione.” Ya Hodimodimo ke yena ya e tiisitseng.

6 Ha Morena a bala ditjhaba, o tla ngola, a re: “Le motho enwa ke ngwana wa Sione.”

7 Dibini le dihoba di re: “Bohle re phela ka ho wena.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan