Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 84 - BIBELE


Ho hlolohela ntlo ya Modimo

1 Pesalema ya bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka setolotolo.

2 Meaho ya hao e rateha hakaakang, wena Morena wa mabotho!

3 Moya wa ka o motela ke ho hlolohela mabala a ntlo ya Morena; pelo ya ka le mmele wa ka di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse.

4 Esitana le serobele se iphumanela leaho, le lefokotsane le iphumanela sehlaha, moo le beang madinyane a lona teng, haufi le dialetare tsa hao, wena, Morena wa mabotho, kgosi ya ka, le Modimo wa ka.

5 Ho lehlohonolo ba phelang tlung ya hao, ba sa kgaotseng ho o rorisa.

6 Ho lehlohonolo batho bao wena o leng matla a bona, ba thabelang maeto a ho ya rapela.

7 Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo.

8 Ba ntse ba matlafala ho ya pele, ha ba itlhahisa ho Modimo, Sione.

9 Oho, Morena Modimo wa mabotho, ako utlwe thapelo ya ka, o ntshekehele tsebe, Modimo wa Jakobo.

10 Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.

11 Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.

12 Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng.

13 Morena wa mabotho, ho lehlohonolo motho ya o tshepang.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan