Dipesaleme 83 - BIBELEModimo a qhale dira tsa hae le tsa Iseraele 1 Pesalema ya Asafo. Sefela. 2 Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo. 3 Bona, dira tsa hao di a rora, ba o hloileng ba tsosa mohlahla. 4 Ba lohela setjhaba sa hao mano, ba kunuta bao o ba sireleditseng. 5 Ba re: “Tloong, re ba fedise, e se hlole e eba setjhaba, bitso la Iseraele le se hlole le hopolwa.” 6 Ba rerisana ba le pelonngwe, ba entse selekane ho o lwantsha: 7 Baahi ba Edomo le Baishemaele, Bamoabe le Bahagare, 8 Bagebale le Baamone le Baamaleke, Bafilesita le baahi ba Tire, 9 le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota. 10 Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone, 11 ba neng ba timele Ene-Dore, ba fetoha moitedi mobung. 12 Etsa hore marena a bona a tshwane le Orebe le Seebe, mahosana wohle a bona a tshwane le Seba le Salemuna, 13 ba neng ba ile ba re: “A re ikgapeleng naha ya Modimo, e be ya rona.” 14 Oho, Modimo wa ka, ako etse hore ba tshwane le ditlhokwa setsokotsaneng, ba tshwane le mmoko moyeng. 15 Jwalokaha mollo o tjhesa moru, le hlaha e hotetsa dithaba, 16 ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo, o ba tshose ka sefefo sa kganyapa. 17 Etsa hore difahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, e le hore ba o batle, wena Morena. 18 Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele. 19 Ba tsebe hore ke wena feela Morena, Morena, Ya Hodimodimo ya okametseng lefatshe lohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa