Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 82 - BIBELE


Modimo o ahlola baahlodi ba sa lokang

1 Pesalema ya Asafo. Modimo o dutse lekgotleng la bomodimo, o ahlola a le hara baahlodi.

2 O re: “Le tla ahlola ho fihlela neng, le ntse le ahlola hampe, le nne le emele ba kgopo?

3 Ahlolelang mofokodi ka toka, ahlolelang le kgutsana ka toka; etsetsang mohlophehi toka, le mohloki le mo etsetse yona.

4 Lopollang mofokodi le mofutsana, le ba namolele matsohong a ba kgopo.”

5 Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso, ba itsamaela lefifing, ba sisinya metheo ya toka.

6 Ke ile ka re: “Le medimo, lona bohle le bana ba Ya Hodimodimo;

7 empa le tla shwa jwaloka batho, le we jwaloka kgosana efe kapa efe.”

8 Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan