Dipesaleme 8 - BIBELETlotla ya Modimo le boholo ba motho 1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo. 2 Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo, 3 e bolelwa ka melomo ya bana le ya masea. O hahile qhobosheane ho thibela dira tsa hao, wa e haha ho sitisa sera le moiphetetsi. 4 Ha ke boha mahodimo a hao, mosebetsi wa diatla tsa hao, ke boha kgwedi le dinaledi tseo o di beileng madulong a tsona, 5 ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hlokomelang? 6 O mo entse ya katlasana ho mangeloi, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa tlotla, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa hlompho. 7 O mo neile puso hodima mesebetsi ya diatla tsa hao, wa bea tsohle katlasa maoto a hae: 8 manku le makgomo wohle, le tsona diphoofolo tsa naha; 9 nonyana tse sepakapakeng, le ditlhapi ka lewatleng, le tsohle tse tsamayang ka lewatleng. 10 Morena, monga rona, lebitso la hao le a tlotleha, le tlotleha hakaakang lefatsheng lohle! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa