Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 78 - BIBELE


Modimo le setjhaba sa hae

1 Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Lona tjhaba sa ka, mamelang thuto ya ka, sekehelang dipolelo tsa ka tsebe.

2 Molomong wa ka ho tla tswa maele, ke bolele dilotho tsa boholoholo.

3 Tseo re di utlwileng, ra di tseba, e leng tseo re di phetetsweng, ra di phetelwa ke bo-ntata rona.

4 Ha re na ho di patela bana ba bona, empa re tla phetela moloko o tlang dithoko tsa Morena, le matla a hae, le dimakatso tseo a di entseng.

5 O ile a fa leloko la Jakobo ditemoso, a beela Iseraele Molao; a laela bo-ntata rona ho o tsebisa bana ba bona,

6 hore o tle o tsejwe ke meloko e tlang, le ke ba tlang ho tswalwa, bona ba tle ba o phete ba o phetele bana ba bona,

7 e le hore le bao ba tle ba tshepe Modimo, ba se ke ba lebala mesebetsi ya Modimo, ba mpe ba boloke melao ya hae.

8 Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona, bao e bileng moloko o manganga, moloko wa befetohedi; moloko oo maikutlo a wona a neng a sa tsepama, moloko oo moya wa wona o sa tshepahaleng ho Modimo.

9 Bana ba Efraime, leha e ne e le ditsebi ho fula ka diqha, ba na ba baleha mohla letsatsi la ntwa.

10 Ha ba a ka ba boloka selekane, selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka Molao wa hae.

11 Ba lebala diketso tsa hae, ba lebala le dimakatso tsa hae, tseo a ba bontshitseng tsona.

12 Naheng ya Egepeta, thoteng tsa Sowane, a etsa dimakatso pontsheng, pontsheng ya bo-ntata bona.

13 A phatlola lewatle ka lehare, a ba tshedisa, a emisa metsi jwaloka qubu.

14 Motsheare a ba etella pele ka leru, bosiu bohle ka kganya ya mollo.

15 A petsola mafika lehwatateng, a ba fa metsi a mangata, metsi a kang a bodiba;

16 a kollisa melatswana lefikeng, a phallisa metsi jwaloka hoja ke a noka.

17 Empa ba nna ba eketsa ho mo sitelwa, ba fetohela Ya Hodimodimo, ba mo fetohela ba le naheng e tshehla.

18 Pelong tsa bona ba leka Modimo, ba batla dijo tseo ba di lakatsang.

19 Ba hanyetsa Modimo, ba re: “Ebe Modimo a ka hla a tseba ho re lokisetsa dijo lehwatateng moo?

20 Ke nnete, o ile a otla lefika, metsi a phutsalla, le dinokana tsa phorosela; ebe a ka tseba ho re fa bohobe, le ho fepa tjhaba sa hae nama?”

21 Yare Morena ha a utlwa a halefa, malakabe a mollo a laima, a laimela ba leloko la Jakobo, kgalefo ya hae ya tlokela Iseraele;

22 hobane ba ne ba sa dumele, ba sa dumele ho Modimo, ba sa tshepe ho pholoswa ke yena.

23 Yaba o laela maru a mahodimo, o bula menyako ya mahodimo;

24 a ba nesetsa manna e be dijo tsa bona, a ba nea koro ya lehodimo.

25 Motho a ja bohobe ba mangeloi, a ba fa kgora ya dijo.

26 Hodimo sebakeng a fokisa moya, a fokisa moya wa botjhabela, ka matla a hae a tlisa moya wa borwa;

27 a ba nesetsa nama jwalokaha eka ke lerole, le nonyana tse fofang, jwalokaha eka ke hlabathe la lewatle,

28 a di theolela kahara diahelo tsa bona, ho potapota ditente tsa bona,

29 ba eja, ba kgora haholo; a ba fa seo ba neng ba se lakatsa.

30 Yare ba eso kgotsofatse takatso ya bona, ba sa ntse ba entse methamo,

31 kgalefo ya Modimo ya ba wela hodimo, a bolaya dikwankwetla tsa bona, bahlankana ba Iseraele a ba rapalatsa, a ba rapalatsa fatshe.

32 Leha ho le jwalo, ba nnile ba mo sitelwa, ba se ke ba dumela dimakatso tsa hae.

33 Yaba o fedisa matsatsi a bona o a fetola lefeela, lemo tsa bona ya eba tsa matshabeho.

34 Eitse ha Modimo a ba bolaya, ba qala ho mmatla, ba kgutlela ho yena, ba mmatla hape;

35 ba boela ba hopola hore Modimo ke lefika la bona, Modimo Ya Hodimodimo ke molopolli wa bona.

36 Ba ne ba ye ba mo qekise ka melomo ya bona, ba mo thetse ka maleme a bona;

37 athe ba ne ba sa tshepahale, ba sa tshepahale ho yena, ba sa tshepahale selekaneng sa hae.

38 Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.

39 A hopola hore ke ba nama le madi, ke moya o ikelang, moya o ke keng wa hlola o kgutla.

40 Ke hakae ba ileng ba mo fetohela, ba mo fetohela feelleng, ba mo kgopisa lehwatateng!

41 Ba nna ba leka Modimo kgafetsa, ba utlwisa Ya Halalelang bohloko, Ya Halalelang wa Iseraele!

42 Ba lebala matla a letsoho la hae, le letsatsi leo ka lona a neng a ba lopolle direng tsa bona,

43 ha a ne a etsa dipontsho tsa hae Egepeta, le dimakatso tsa hae naheng ya Sowane.

44 A fetola metsi a dinoka tsa bona, a a fetola madi, le a melatswana ya bona, hore ba sitwe ho nwa.

45 A ba romela diboba tsa ba loma, le dihohwana tsa ba senyetsa.

46 Masimo a bona a a neella seboko, tholwana tsa mosebetsi wa bona, tsa jewa ke ditsie.

47 Morara wa bona a o senya ka sefako, le fate tsa bona tsa feiye ka lebabo.

48 Dikgomo tsa bona a di bolaya ka sefako, le mehlape ya bona ka letolo.

49 A ba futuhela ka kgalefo e tukang, ka bohale, le makwebeta, le ka matshwenyeho; a ba romela mangeloi a timetsang.

50 A se ke a kokobetsa kgalefo ya hae, leha e le ho ba phemisa lefu; a ba bolaya ka lefu la sewa.

51 A bolaya matsibolo wohle a Egepeta, bana ba matswathaka, ba metlotlwane ya Kama.

52 Jwale a kganna tjhaba sa hae, a se kganna jwaloka dinku, a se tsamaisa lehwatateng, a se tsamaisa jwaloka mohlape.

53 A ba etella pele ba sireletsehile, tshabo ba se na yona, dira tsa bona tsa kwahelwa ke lewatle.

54 A ba fihlisa naheng ya hae, naheng e halalelang, le thabeng eo a ikgapetseng yona, a e hapa ka tsoho la hae le letona.

55 A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.

56 Empa ba leka Modimo Ya Hodimodimo, ba mo leka ka ho mo fetohela, ba se ke ba mamela ditemoso tsa hae;

57 ba kweneha, ba hloka botshepehi, ba bo hloka jwaloka bo-ntata bona, ba kgutlalla jwaloka seqha se sa tiyang.

58 Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.

59 Ha Modimo a bona hoo, a halefa; a lahla Iseraele ho hang.

60 Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo, e leng tente eo a neng a e hlomile, a e hlomile hara batho.

61 Areka ya selekane sa hae a e tlohela, a e tlohella ho haptjwa, areka e bonahatsang tlotla ya hae ya wela matsohong a sera.

62 A tlohela tjhaba sa hae, a se tlohella ho bolawa ka sabole, a halefela bao e leng lefa la hae.

63 Mollo wa timetsa bahlankana ba bona, barwetsana ba se ke ba binelwa, ba binelwa pina tsa lenyalo.

64 Baprista ba bona ba bolawa ka sabole, bahlolohadi ba se ke ba bina, ba bina kodi-ya-malla.

65 Jwale Morena a phaphama jwalokaha eka o ne a kgalehile, jwaloka mohale ya neng a tahilwe.

66 A otla dira tsa hae dibonong, tsa hlajwa ke dihlong ka ho sa feleng.

67 Yaba o lahla motlotlwane wa Josefa, leloko la Efraime a se ke a le kgetha;

68 empa a kgetha leloko la Juda, thaba ya Sione eo a e ratang.

69 A haha Sehalalelo sa hae a se haha jwaloka leaho la lehodimo, jwaloka lefatshe leo a le theileng, a e theetseng mehla yohle.

70 A kgetha Davida, mohlanka wa hae, a mo tlosa masakeng a dinku,

71 a mo tlohedisa nku tsa ditswetse, a mo disisa leloko la Jakobo, tjhaba sa hae, Iseraele eo e leng lefa la hae.

72 Davida a ba disa ka pelo e se nang kodi, a ba tsamaisa ka letsoho le bohlale.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan