Dipesaleme 76 - BIBELEModimo a tshajwe 1 Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela. 2 Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng. 3 Motlotlwane wa hae o Salema, leaho la hae le Sione. 4 Ke moo a robileng metsu, metsu e bebang ya seqha, le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa. 5 O kganya hakaakang, o tlotleha hakaakang, ha o kgutla dithabeng tsa tlholo! 6 Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona, tsa robala boroko ba lefu; bahlabani bohle ba sitilwe ho itwanela. 7 Yare ha o kgalemela, wena Modimo wa Jakobo, dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha, tsa fetoha diemahale. 8 Wena, o a tshabeha! Ke mang ya ka emang kapele ho wena, a ema teng ha o halefile? 9 O dihile kahlolo o le lehodimong, lefatshe la tshoha, la kgutsa, 10 ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe. 11 Kgalefo ya batho e tla o fetohela thoriso, ba phonyohileng kgalefo ya hao ba tla o etsetsa mekete. 12 Etsang dikano, le di etsetse Morena Modimo wa lona, le be le di phethe; ditjhaba tsohle tse kamathoko di nyehelle Ya Tshajwang, 13 yena ya fedisang boikgohomoso, boikgohomoso ba mahosana, yena ya tshajwang ke dikgosi tsa lefatshe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa