Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 75 - BIBELE


Modimo ke moahlodi

1 Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela.

2 Re a o boka Modimo, re a o boka, rona ba rapelang lebitso la hao, ba bolelang dimakatso tsa hao.

3 “Ka nako eo ke e beileng,” ho rialo Modimo, “ke nna ya tla ahlola ka ho loka.

4 Leha lefatshe le ka thothomela le bohle ba ahileng ho lona, ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.

5 Ke itse ho baikakasi: ‘Le se ke la ikakasa,’ ho ba kgopo ka re: ‘Le se ke la kgantsha matla;

6 le se ke la kgantsha matla hakaalo, kapa la bua le sataladitse melala.’ ”

7 Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng.

8 Ke Modimo ya ahlolang: O kokobetsa e mong, a phahamise e mong.

9 Ka letsohong Morena o tshwere mohope o phophomang veine e lomosehileng. O qhatsetsa bohle ba kgopo ba lefatshe; ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa.

10 Empa nna ke tla mo fapha kamehla, ke roke Modimo wa Jakobo.

11 O tla fedisa matla wohle a ba kgopo, mme ba lokileng ba tla matlafala.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan