Dipesaleme 74 - BIBELEKodi-ya-malla kamora ho senngwa ha Tempele 1 Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto. Modimo, na o re lahletse ruri? Keng ha o halefela mohlape, mohlape wa makgulo a hao, o o halefela ka bohale bo tukang? 2 Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona. 3 Lebisa mehato ya hao dithakong, dithakong tseo tsa kgale, sera se sentse tsohle tse ka Sehalalelong. 4 Ba o lwantshang ba puruma, ba puruma ba le Sehalalelong sa hao, ba hlomile mekgele ya bona, ba e hloma e le pontsho ya tlholo. 5 Ba tshwana le ba kenang morung, ba kenang teng ka dilepe; 6 mekgabiso yohle ya yona ya lehong, ba e pshatlile ka dikwakwa, ba e pshatla le ka dikoto. 7 Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao, ba heletsa, ba tlontlolla Leaho la hao. 8 Ka dipelong tsa bona ba itse: “A re ba hatakeleng kaofela ha bona, re tjhese dibaka tsohle tsa phutheho, tsa phutheho ya Modimo naheng ena.” 9 Ha re sa na pontsho tse tswang ho Modimo, ha ho sa le moporofeta; hara rona ha ho le ya mong ya tsebang hore ho tla ba jwalo ho fihlela neng. 10 Modimo, ya o lwantshang, o tla o nyefola ho fihlela neng? Na sera se tla o nyedisa, se nyedise lebitso la hao kamehla? 11 O sa tshwaretseng letsoho la hao? O patetseng letsoho la hao le letona, wa le pata sefubeng sa hao? 12 Athe Modimo, o kgosi ya ka ho tloha mehleng ya kgale, wena mohlodi wa topollo lefatsheng. 13 Ke wena ya ileng a arohanya lewatle, wa le arohanya ka matla a hao, wa pshatla hlooho tsa dikganyapa, wa di pshatela lewatleng. 14 wa di thuakanya dihlooho, wa di abela ditlhapi e be dijo tsa tsona. 15 Ke wena ya ileng a bulela didiba, wa bulela le dinokana, wa pshesa dinoka tse phallang kamehla. 16 Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona. 17 Ke wena ya ileng a seha meedi, wa seha meedi yohle ya lefatshe, lehlabula le mariha di entswe ke wena. 18 Morena, ako hopole kamoo sera se o nyefolang kateng, kamoo setjhaba sa dithoto se nyedisang lebitso la hao kateng. 19 Se neele sebata moya wa Leeba la hao, bophelo ba mafutsana a hao o se bo leballe ruri. 20 Ako hopole selekane sa hao, hobane diqhobo tsohle tsa naha di tletse ba sehloho. 21 Ya hatellwang a se ke a hlajwa ke dihlong, mohlophehi le mofutsana ba rorise lebitso la hao. 22 Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle. 23 Se lebale ho rora ha ba o lwantshang, ho eketseha ha lerata la ba o tsohelang matla. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa