Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 73 - BIBELE


Katleho ya ba kgopo ke lefeela

1 Pesalema ya Asafo. Ruri Modimo o molemo ho Iseraele, e, le ho ba pelo di hlwekileng.

2 Empa nna, ke batlile ke kgothometseha, maoto a ka a batlile a thella;

3 hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo.

4 Bona ha ba na matshwenyeho, mmele ya bona e shahlile, ba nonne.

5 Ha ba na dikgathatso jwaloka ba bang, mme ha ba otlwe jwaloka ba bang.

6 Ka baka leo, boikgohomoso ke sefaha, ke sefaha melaleng ya bona, sehloho ke seaparo seo ba se apereng.

7 Mahlo a bona a rotolohile ke mafura, ka dipelong ba tletse mehopolo ya bowatla.

8 Ba a tlaka, mme ba bua tse mpe, ba sokela batho ka boikgantsho.

9 Melomo ya bona e nyefola tsa lehodimo, maleme a bona a bebera tsa lefatshe.

10 Kahoo setjhaba sa ka se ba sala morao, se inyorolla ka metsi a mehopeng ya bona.

11 ba re: “Modimo a ka tseba jwang? Na tsebo e teng ho Ya Hodimodimo?”

12 Ba kgopo ba jwalo; kamehla ba qhwaolla dikobo, ba ikatisetsa maruo.

13 Ho thusang ho hlwekisa pelo ya ka, le ho hlokisa matsoho a ka molato,

14 ha e le moo ke otlwa ka matsatsi wohle, ke otlwa hoseng ho hong le ho hong?

15 Hoja nkile ka re: “Ke tla bua jwaloka bona,” nka be ke kgelohile molokong, molokong wa bana ba hao.

16 Ha ke ntse ke nahanahana, ke nahana hore ke utlwisise tsena, ka fumana e le ntho e thata,

17 ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong, Sehalalelong sa Modimo, mme ke utlwisisa seo qetello ya ba kgopo e tla ba sona.

18 Ruri o ba beile moo ho thellang, wa ba dihela hore ba ye timelong;

19 ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.

20 Morena, jwalokaha toro e fela, e fela ha motho a phaphama, le wena ha o tsoha o fedisa seriti sa bona.

21 Ha pelo ya ka e ne e utlwile bohloko, mme maikutlo a ka a hlabehile,

22 ka ba lewatla, ka hloka kutlwisiso, ka ba jwaloka phoofolo mahlong a hao.

23 Empa leha ho le jwalo, ke na le wena kamehla, o ntshwere ka letsoho le letona.

24 O ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o tla nkamohela ka tlotla.

25 Nka ba le mang lehodimong haese wena? Ha ke ena le wena, ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.

26 Leha mmele wa ka le pelo ya ka di ka fela, Modimo ke lefika la ka le kabelo ya ka kamehla.

27 Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.

28 Empa ho nna ho ba haufi le Modimo, ke ntho yona e molemo. Ke ikgethetse Morena, Morena wa ka, ho ba setshabelo sa ka, ke tle ke bolele mesebetsi ya hae yohle.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan