Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 71 - BIBELE


Thapelo ya leqheku

1 Ke tshabela ho wena Morena, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong ka hlajwa ke dihlong le ka mohla.

2 Ako nnamolele ka ho loka ha hao, nnamolele o ntopolle; o ntshekehele tsebe, o mpholose.

3 Eba lehaha leo ke tshabelang ho lona, leo nka tshabelang ho lona kamehla; o se o laetse hore ke pholoswe, wena lefika la ka le qhobosheane ya ka.

4 Modimo wa ka, ako nnamolele, o nnamolele matsohong a ya kgopo, diatleng tsa ya sa lokang, tsa ya sehloho.

5 Morena, Morena wa ka, o tshepo ya ka, ke o tshepile ho tloha botjheng ba ka.

6 O ntsheheditse ho tloha tswalong ya ka, wa ntshireletsa ho tloha popelong ya mme; nke ke ka kgaotsa ho o rorisa.

7 Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata, empa wena o setshabelo sa ka sa nnete.

8 Molomong wa ka ho tletse thoriso ya hao, le tlotliso ya hao kamehla.

9 Se ntahle boqhekung ba ka, o se mphuralle ha matla a mpheletse;

10 hobane dira tsa ka di bua ka nna, ba ntaletseng ba a nthera,

11 ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.”

12 Modimo, se be hole le nna, Modimo wa ka, ako potlakele ho nthusa.

13 Ba ntwantshang ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele; ba ntakaletsang bobe ba ke ba fetohe sekgobo, ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe.

14 Empa nna nke ke ka kgaotsa ho o tshepa, ke tla eketsa ho o rorisa.

15 Molomo wa ka o tla bolela tsa ho loka, o bolele tsa ho loka ha hao, le tsa ho pholosa ha hao kamehla, le hoja nke ke ka tseba ho di bala.

16 Ke tla bua ka tsa matla a hao, wena Morena, Morena wa ka, ke hopotse batho tsa ho loka ha hao, ho loka hoo e leng ha hao feela.

17 Modimo, o nthutile wa nthuta ho tloha botjheng ba ka, mme ho fihlela jwale ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.

18 Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,

19 le tsa ho loka ha hao, ho fihlang hodimodimo, wena Modimo. O entse tse kgolo, Modimo; ke mang ya tshwanang le wena?

20 Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;

21 o nkgodise ho feta pele, o nne o ntshedise hape.

22 Jwale nna ke tla o boka ka seletsa, ka baka la botshepehi ba hao, wena Modimo wa ka; ke o roke ka harepa, wena Ya Halalelang wa Iseraele.

23 Molomo wa ka o tla howa ka thabo, o howe ha ke o roka, le wona moya wa ka oo o o lopolotseng.

24 Leleme la ka le tla bolela tsa ho loka, le bolele tsa ho loka ha hao kamehla, ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe, ba tlontlolohe, ba ferekane.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan