Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 7 - BIBELE


Thapelo ya motho ya batlang toka

1 Kodi-ya-malla ya Davida eo a e binetseng Morena ka baka la mantswe a Kushe, Mobenjamine.

2 Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang;

3 esere ba mphamola jwaloka tau, ba ntsekolla ho se ya nnamolelang.

4 Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka,

5 ha ke entse mothusi wa ka hampe, ha ke senyeditse sera sa ka ho se lebaka,

6 dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng.

7 Thusa, Morena, o ntse o halefile! O tsohele dira tsa ka tse bohale, o di tsohele matla; tsoha Modimo wa ka, wena ya dihang kahlolo.

8 Phutheho ya ditjhaba e ke e o bokanele; wena o dule hodimodimo, o e okamele.

9 Morena o ahlola ditjhaba. Nkahlolele, Morena, ho ya ka ho loka ha ka, le ho ya ka ho hloka kodi ha ka.

10 Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele, mme o tiise ba lokileng, wena ya hlahlobang moya le pelo, wena Modimo ya lokileng.

11 Thebe ya ka ke Modimo, ya pholosang ba pelo di ntle.

12 Modimo ke moahlodi ya lokileng, ya ahlolang kamehla yohle.

13 Ha motho a sa bake, Modimo o tla leotsa sabole ya hae, a hule seqha sa hae, a se tjhehe;

14 a lokise dibetsa tse bolayang, metsu ya hae a e etse ditsenene tse malakabe.

15 Bonang, e mobe o emola tse manyala, o emara bokgopo, mme o tswala thetso.

16 O tjhekile lemena, a le tebisa, a wela hona lemeneng leo a le tjhekileng.

17 O jelwe ke bokgopo ba hae, sehloho sa hae se mo wetse hodimo.

18 Ke boka Morena ka baka la toka ya hae, ke roka lebitso la Morena Ya Hodimodimo.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan