Dipesaleme 68 - BIBELEPina ya setjhaba ya tlholo 1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela. 2 Modimo a ke a tsohe, dira tsa hae di qhalane, ba mo hloileng ba mmalehe. 3 Ba nyamele jwalokaha mosi o nyamela, jwalokaha tshotso e qhibidihiswa ke mollo, ba kgopo ba timela jwalo, ba timela jwalo mahlong a Modimo. 4 Empa ba lokileng ba a thaba, ba nyakallela Modimo, ba tlale thabo. 5 Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae. 6 Modimo ke ntata dikgutsana, ke mosireletsi wa bahlolohadi, o leahong la hae le halalelang. 7 Ba se nang moneketsela, Modimo o ba fa bodulo, o boela o busetsa batshwaruwa boiketlong, athe bahanyetsi ba sala mahalaopeng. 8 Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele, 9 lefatshe la na la reketla, mahodimo a nesa pula mahlong a Modimo, Modimo wa Sinai, Modimo wa Iseraele. 10 Modimo, wa nesa pula, pula ya ditlwebelele; wa e nesetsa bao e leng lefa la hao, wa ba matlafatsa ha ba ne ba kgathetse, 11 mohlape wa hao wa fumana bodulo teng, boo ka mohau wa hao o bo lokisitseng, wa bo lokisetsa bahlophehi. 12 Morena a ntsha taelo, letshwele la basadi la tlisa molaetsa o reng: 13 “Dikgosi le mabotho a tsona di balehile, di balehetse ruri!” Basadi ba setseng hae ba arola tse hapilweng. 14 Ha lona le ne le paqame, le paqame marakong a masaka, bona ba ne ba ka maebana a apesitswe ka silefera, ao masiba a wona a phatsimang, a phatsimang sa kgauta e tshehla, 15 ha Ya Matla wohle a ne a qhalanya dikgosi, lehlwa la kgetheha thabeng ya Salemone. 16 Thaba ya Bashane ke thaba e telele, thaba ya Bashane ke thaba e makgeka. 17 Lona dithaba tse makgeka, keng ha le honohela thaba, thaba eo Modimo a kgahlilweng ke yona, ho e etsa leaho la hae, moo Morena a tla aha teng, a ahe teng ka ho sa feleng? 18 Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai. 19 O nyolohetse hodimo a nkile bathopuwa, a nyehellwa ka batho, esita le ka bahanyetsi. Morena Modimo a ba le leaho. 20 Ho bokwe Morena ka matsatsi wohle, yena ya re pepang, yena Modimo, mopholosi wa rona. 21 Modimo wa rona ke Modimo ya pholosang; Morena ke Morena wa rona, Morena ya re phemisang lefu. 22 Modimo o tla pshatla dihlooho, a pshatle hlooho tsa dira tsa hae, mahata a dihlotho a ba kgopo. 23 Morena o itse: “Ke tla ba lata Bashane, ke ba late le botebong ba lewatle, 24 leoto la hao le tla hata mading a bona, dintja tsa hao di itjelle nama tsa dira.” 25 Bohle ba bona mekoloko ya hao, Modimo, mekoloko ya Modimo wa ka, kgosi ya ka, mekoloko e kenang Sehalalelong. 26 Kapele ke dibini, kamorao ke baletsi, hare ke thwetsana e tidinyang meropa. 27 Bokang Modimo diphuthehong, bokang Morena dibokeng tsa Iseraele. 28 Benjamine, kgorula, o ba eteletse pele, o latetswe ke hlopha sa mahosana, mahosana a Juda, le mahosana a Sebulone, le mahosana a Nafthali. 29 Oho, Modimo, bontsha matla a hao, ao o re sebeleditseng ka wona. 30 Ka baka la Tempele ya hao, Tempele e Jerusalema, dikgosi di tla o nyehella ka dimpho. 31 Kgalema sebatana se moferong, batho ba kang mohlape wa dipoho, le manamane a wona, ba ke ba ineele, ba o tlisetse silefera; qhalanya ditjhaba tse ratang ntwa. 32 Mahosana a tla tswa Egepeta, Kushe e phahamise matsoho, e a phahamisetse ho Modimo. 33 Binelang Modimo, lona mebuso ya lefatshe, le roke Morena. 34 Ke yena ya kaletseng mahodimo, mahodimo a kgalekgale; o utlwahatsa lentswe la hae, lentswe la hae le matla. 35 Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung. 36 Modimo o a tshabeha Sehalalelong sa hae. Ke Modimo wa Iseraele, ya matlafatsang setjhaba sa hae haholo. Ho bokwe Modimo! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa