Dipesaleme 67 - BIBELEThapelo ya ho leboha kotulo 1 Pesalema. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela. 2 Modimo ako re hauhele, o re hlohonolofatse, o re bontshe sefahleho, fahleho se kganyang kgotso. 3 Ditsela tsa hao di ke di tsejwe lefatsheng, ditjhaba tsohle di tsebe hore o a pholosa. 4 Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke. 5 Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse, hobane o ahlola ditjhaba ka toka; ke wena motsamaisi wa merabe lefatsheng. 6 Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke. 7 Lefatshe le bile le tjhai e kgolo, Modimo, Modimo wa rona, o re hlohonolofaditse! 8 Modimo o re hlohonolofaditse, a tshajwe ke bohle lefatsheng, ho isa dipheletsong tsa lona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa