Dipesaleme 66 - BIBELEDitjhaba di boke Modimo 1 Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela. Etsetsang Modimo ditlatse, lona ba lefatshe lohle, 2 mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae, le mo rorise ka mokgwa o tlotlehang. 3 Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa. 4 Lefatshe lohle le a o kgumamela, le a o roka, le roka lebitso la hao.” 5 Tloong, le bohe mesebetsi ya Modimo: O a tshabeha diketsong tsa hae, ketsong tsa hae ho bana ba batho. 6 O ile a apola lewatle, ha hlaha mobu o ommeng, batho ba tshela noka ka maoto; ka baka leo, a re mo thabeleng. 7 Ka matla a hae o busa kamehla, mahlo a hae a disa ditjhaba, esere bahanyetsi ba boela ba tsoha. 8 Bokang Modimo wa rona, lona ditjhaba, utlwahatsang thoriso ya hae. 9 Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella. 10 Modimo, o ile wa re hlahloba, wa re hlwekisa seboping jwaloka silefera; 11 wa re tshwasa ka letlowa, wa re belesa mojaro o boima; 12 wa dumella batho ho re hata melala, ra feta hara mollo le metsi; wa ntano re kgatholla haholo. 13 Ke tla ya tlung ya hao ke nkile setjheso, ke o phethele dikano tsa ka, 14 tseo ke di buileng ka molomo wa ka, ka di bolela ke le matshwenyehong. 15 Ke tla o nyehella ka ditjheso, ka ditjheso tsa phoofolo tse nonneng, le ka setjheso sa dipheleu, setjheso se monko o monate, ke o hlabele dipohwana le diphooko. 16 Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona. 17 Ke ipileditse ho yena ka molomo wa ka, ka mo phafa ka leleme la ka. 18 Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa, 19 empa Modimo o nkutlwile, o mametse sello sa thapelo ya ka. 20 Ho bokwe Modimo, ya sa kang a lahla thapelo ya ka, ya sa kang a ntima mohau wa hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa