Dipesaleme 65 - BIBELESefela sa teboho 1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela. 2 Modimo, o lokelwa ke thoriso, e o lokela o le Sione; dikano di phethelwa wena, 3 wena ya utlwang thapelo. Batho bohle ba tla tla ho wena, 4 ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela. 5 Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao. 6 O re arabela ka diketso tse hlollang, diketso tse hlollang tsa toka, wena Modimo, mopholosi wa rona; wena o leng tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe, le dihlekehlekeng tse hole. 7 Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao; 8 o kgutsisa ho tuduana ha mawatle, ho tuduana ha maqhubu a wona, le ho dumaduma ha ditjhaba. 9 Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe ba tshaba dipontsho tsa hao; o etsa hore bohle ba howe ka thabo, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela. 10 O etela lefatshe, o a le nwesetsa, o le sitsa ka nala; noka tsa mahodimo di phename, ho fa batho dijo. Ka mokgwa oo o lokisa lefatshe, 11 ka ho kolobisa boleme ba masimo, ho phophotha makwete a wona, ho nolofatsa mobu ka pula tsa medupe, le ho hlohonolofatsa dijalo tsa wona. 12 O rwesa selemo mofapahlooho, mofapahlooho wa tse molemo tsa hao, mehlaleng ya hao ke nala feela. 13 Makgulo a lehwatata a tshwetshwetha metsi, maralla a aparetswe ke thabo. 14 Diphula di aparetswe ke mehlape, dikgohlo di tletse mabele. Tsena tsohle di howa ka thabo, di a bina. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa