Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 64 - BIBELE


Tshireletso malemeng a ba kgopo

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Modimo, ako utlwe sello sa ka, sello sa ka sa masisapelo, o sireletse bophelo ba ka o bo sireletse ha sera se ntshosa.

3 Mpate hole le mokgatlo, mokgatlo wa ba etsang bobe, hole le sehlopha sa ba kgopo;

4 ba leotsang maleme a bona ba a leotsa sa disabole, ba hlabang ka mantswe a babang, mantswe a kang metsu.

5 Ba fula ya se nang kodi ba ipatile, ba mo fula ka tsometso ba se na letswalo.

6 Ba tiile morerong wa bona o mobe, ba rera ho tjheha maraba, ba re: “Re tla bonwa ke mang?”

7 Ba rera bokgopo, ba re: “Re lohile mano ka bohlale.” Mehopolo ya motho ke kweetsa, le pelo ya hae ke kweetsa.

8 Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.

9 Maleme a bona a a ba timetsa; bohle ba ba bonang ba sisinya dihlooho.

10 Jwale bohle ba tla tshaba, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba utlwisise ketso ya hae.

11 Ya lokileng o tla thabela Morena, mme a tshabele ho yena; bohle ba pelo di ntle ba ithorise.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan