Dipesaleme 63 - BIBELEHo hlolohelwa Modimo 1 Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda. 2 Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi. 3 Ka o tadima o le Sehalalelong sa hao, ka boha matla a hao le tlotla ya hao. 4 Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa. 5 Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena. 6 Moya wa ka o tla kgora jwaloka ya jang moko le mafura, molomo wa ka o o rorise o o rorise ka dithoko tsa thabo. 7 Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola, ke o nahana ka dinako tsa bosiu, 8 hobane o mothusi wa ka, ke nyakalla moriting wa mapheo a hao. 9 Moya wa ka o o kgomaretse, tsoho la hao le letona le a ntshehetsa. 10 Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka ba tla theohela botebong ba lefatshe; 11 ba tla bolawa ka sabole e bohale, mme ba jewe ke diphiri. 12 Athe kgosi e tla thabela Modimo, bohle ba ikanang ka yena ba tla ithorisa, empa ba leshano ba tla thijwa melomo. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa