Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 62 - BIBELE


Ke tshepa Modimo feela

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.

2 Ke ho Modimo feela moo moya wa ka o ka phomolang, pholoho ya ka e tswa ho yena.

3 Ke yena feela lefika la ka, ke yena feela pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.

4 Lona bohle, le tla nne le pheelle ho rusolla motho ho fihlela neng, leha a se a le jwaloka lerako, rako le hlephileng, le motero o nyehlileng?

5 Ruri ba rera ho mo diha boemong ba hae bo phahameng, ba thabela leshano. Ka melomo ba hlohonolofatsa motho, empa ka dipelong ba a mo rohaka.

6 Moya wa ka o phomola ho Modimo feela, hobane tshepo ya ka e tswa ho yena.

7 Ke yena feela lefika la ka le pholoho ya ka; ke qhobosheane ya ka, nke ke ka sisinyeha.

8 Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.

9 Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.

10 Bafo ke lefeela, marena ke thetso; sekaleng ba bobebe, kaofela ha bona ke lefeela.

11 Se tshepeng ho hanyapetsa batho, se ithetseng ka ho ikgapela maruo, ka ho ikgapela maruo a ba bang; leha maruo a lona a ka eketseha, se beeng pelo tsa lona ho wona.

12 Modimo o buile hanngwe, nna ka utlwa tsena tse pedi: Matla ke a Modimo,

13 ke mohau ke wa hao, Morena; ke wena ya putsang motho, ho ya ka diketso tsa hae.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan